1. Lentswe la ka le nyolohela ho Modimo, ke ntse ke howa; lentswe la ka le nyolohela ho Modimo; hola o ka nkutlwa!
2. Ka letsatsi la ka la matswalo ke batla Morena, ka bosiu matsoho a ka a otlolohile, a sa kgathale; moya wa ka o hana tshediso.
3. Ke hopola Modimo, ke sisa pelo; ke a nahana, mme moya wa ka o a tsieleha. (Sela.)
4. O fadimehisa dintshi tsa ka; ke sa ferekane, ke sitwa ke puo.
5. Ke hopola matsatsi a kgale le dilemo tsa boholoholo.
6. Bosiu ke elellwa dipina tsa ka, ke losa pelong ya ka, mme moya wa ka o a nahana.
7. Na Morena a ka lahla motho ka ho sa feleng? A ke ke a boela a hauhela na?
8. A mohau wa hae o se o feletse ruri? Lentswe la hae le se le kgutsitse kamehla le mehla na?
9. Na Modimo o lebetse ho utlwela batho bohloko? Bohaleng ba wona na o thibetse mehauhelo ya wona na? (Sela.)
10. Ka re: Se nkutlwisang bohloko, ke hoba letsoho la Mookamedi ya phahameng haesale lona ...
11. Empa ke tla hopola diketso tsa Jehova, ke elellwe meeka ya hao ya boholoholo;
12. ke tla bolela mesebetsi ya hao kaofela, ke qaqisetse diketso tsa hao.
13. Oho Modimo, tsela ya hao e a halalela. Modimo ke ofe o moholo, o jwaloka Modimo wa rona?
14. Ke wena Modimo o etsang meeka; o bonahaditse matla a hao hara ditjhaba.
15. Ka letsoho la hao o lopolotse setjhaba sa hao, bana ba Jakobo le ba Josefa. (Sela.)
16. Metsi a o bone, Modimo, metsi a o bone, mme a reketla; madiba le wona a tsukutleha.
17. Maru a tsurutla metsi, maru a thetheretsa; metsu ya hao ya phosetswa mane le mane,
18. diaduma tsa hao tsa duma hara setsokotsane, mahadima a hao a bonesa lefatshe; lefatshe la tshoha, la reketla.
19. Wa iketsetsa tsela lewatleng, mmila metsing a maholo, mehlala ya hao ha e a ka ya tsejwa.
20. Wa tsamaisa setjhaba sa hao jwalokaha ho tsamaiswa dinku, ka letsoho la Moshe le la Aarone.