1. Bokang Jehova!Rorisang Jehova mahodimong! Mo roriseng bophahameng ba sebaka!
2. Mo roriseng, lona mangeloi a hae kaofela! Mo roriseng, lona makgotla a hae kaofela!
3. Mo roriseng, lona letsatsi le kgwedi! Mo roriseng kaofela, lona dinaledi tse kganyang!
4. Mo roriseng, lona mahodimo a mahodimo, le lona, metsi a hodimo ho mahodimo!
5. Tsohle tseo a di ke rorise lebitso la Jehova! Hobane o ne a laele, mme tsa eba teng;
6. o di beile hore di tle di be teng ka ho sa yeng kae le ka ho sa feleng; o di file melao, ha ho le e nngwe e e tlolang.
7. Rorisang Jehova lefatsheng, lona didrakone, le lona madiba kaofela;
8. mollo, le sefako, lehlwa le mehodi, meya ya difefo e phethang ditaelo tsa hae;
9. dithaba le dithabana kaofela, difate tse behang, le lona dikedare kaofela,
10. diphoofolo, le lona makgomo kaofela, dihahabi, le dinonyana tse mapheo,
11. marena a lefatshe le matjhaba kaofela, mahosana, le lona baahlodi bohle ba lefatshe,
12. bahlankana le barwetsana, maqheku hammoho le bana!
13. A ba ke ba rorise lebitso la Jehova, hobane lebitso la hae ke lona le nnotshi le phahamileng, bokgabane ba hae bo phahamile ho fetisa lefatshe le mahodimo.
14. O emisitse lenaka la setjhaba sa hae, a tle a roriswe ke bakgethwa ba hae kaofela, e leng bana ba Iseraele, setjhaba seo a ikatameleditseng sona. Bokang Jehova!