1. Rorisang Jehova, hobane o molemo:Efela mohau wa hae ke o sa feleng.
2. Rorisang Modimo wa medimo:Efela mohau wa hae ke o sa feleng.
3. Rorisang Morena wa marena:Efela mohau wa hae ke o sa feleng.
4. Yena a nnotshi ya entseng mehlolo e meholo:Efela mohau wa hae ke o sa feleng.
5. Ya entseng mahodimo ka kelello:Efela mohau wa hae ke o sa feleng.
6. Ya ahileng lefatshe kahodima metsi:Efela mohau wa hae ke o sa feleng.
7. Ya entseng masedi a maholo:Efela mohau wa hae ke o sa feleng.
8. Letsatsi ho busa motshehare:Efela mohau wa hae ke o sa feleng.
9. Kgwedi le dinaledi ho busa bosiu:Efela mohau wa hae ke o sa feleng.
10. Ya otlileng Baegepeta matsibolong a bona:Efela mohau wa hae ke o sa feleng.
11. Mme a ntsha Iseraele teng:Efela mohau wa hae ke o sa feleng.
12. Ka seatla se matla le ka letsoho le otlolohileng:Efela mohau wa hae ke o sa feleng.
13. Ya arohantseng Lewatle le Lefubedu ka lehare:Efela mohau wa hae ke o sa feleng.
14. A tshedisa Iseraele hara lona:Efela mohau wa hae ke o sa feleng.
15. Mme a dihela Faro le makgotla a hae Lewatleng le Lefubedu:Efela mohau wa hae ke o sa feleng.
16. A ba a haodisa setjhaba sa hae feelleng:Efela mohau wa hae ke o sa feleng.
17. A timeletsa marena a maholo:Efela mohau wa hae ke o sa feleng.
18. A bolaya marena a matla:Efela mohau wa hae ke o sa feleng.
19. Sihone, morena wa Baamore:Efela mohau wa hae ke o sa feleng.
20. Le Oge, morena wa Bashane:Efela mohau wa hae ke o sa feleng.
21. A neela naha ya bona e be lefa:Efela mohau wa hae ke o sa feleng.
22. E be lefa la Iseraele, mohlanka wa hae:Efela mohau wa hae ke o sa feleng.
23. Ya re hopotseng boikokobetsong ba rona:Efela mohau wa hae ke o sa feleng.
24. Mme a re namolela ho batubi ba rona:Efela mohau wa hae ke o sa feleng.
25. Ya fang dibopuwa tsohle dijo:Efela mohau wa hae ke o sa feleng.
26. Rorisang Modimo wa mahodimo!Efela mohau wa hae ke o sa feleng.