1. Oho Modimo, o mpoloke ka lebitso la hao, o nkemele ka matla a hao!
2. Modimo, o mamele thapelo ya ka, o sekehele ditaba tsa molomo wa ka tsebe!
3. Hobane basele ba ntsohela matla, batho ba sehloho ba batla bophelo ba ka; ha ba ka ba bea Modimo pela mahlo a bona. (Sela.)
4. Bonang, Modimo ke mothusi wa ka, Morena ke e mong wa ba emelang bophelo ba ka.
5. O tla dihela hodima bao e leng dira ho nna bolotsana ba bona. O ke o ba qete, botshepehing ba hao!
6. Ka pelo e mafolofolo ke tla o etsetsa mahlabelo, ke rorise lebitso la hao, Jehova, hobane le molemo;
7. hobane o ntopolotse ditsietsing tsa ka kaofela, mme mahlo a ka a bone tshenyeho ya bao e leng dira ho nna.