1. Oho Modimo, nkgauhele ka lereko la hao; ka mehauhelo e meholo ya hao o hlakole ditlolo tsa ka!
2. Ntlhatswe, o be o ntlhatswisise bokgopo ba ka, o mphekole sebe sa ka!
3. Hobane ke tseba ditlolo tsa ka, sebe sa ka se pela ka kamehla.
4. Ke sitetswe wena, wena o nnotshi; ke entse ho leng hobe mahlong a hao; ke moo ho loka ha hao ho tla bonahala ha o bua, le hlweko ya hao ha o ahlola.
5. Bona, ke tswaletswe bokgopong, mme o nkemoletse sebeng.
6. Empa wena, o rata nnete pelong ya motho. O ntsebise bohlale sephiring sa ka!
7. O foke hodima ka ka hisopa, ke tle ke phekolehe! O ntlhatswe, ke tle ke fetisa lehlwa ka bosweu!
8. O nkutlwise nyakallo le thabo! Masapo a ka ao o a robileng a ke a hlasimolohe!
9. O furalle dibe tsa ka, o hlakole makgopo a ka kaofela!
10. Oho Modimo, o bope kahare ho nna pelo e hlwekileng, o boele o lokise kahare ho nna moya o tiileng!
11. O se ke wa ntelekisa pela sefahleho sa hao, o se ke wa nkamoha moya wa hao o halalelang!
12. O mpuseletse thabo ya poloko ya hao, nke ke tiiswe ke moya o mafolofolo.
13. Ebe moo ke rutang batlodi ditsela tsa hao, mme baetsadibe ba tla kgutlela ho wena.
14. Oho Modimo, Modimo wa poloko ya ka, o ntopolle molatong wa madi a tsholohileng; mme leleme la ka le tla rorisa ho loka ha hao!
15. Morena, ahlamisa melomo ya ka, mme molomo wa ka o tla tumisa dithoko tsa hao;
16. hobane ha o rate mahlabelo; hola ha ho jwalo, nka be ke a ntshitse; le ditjheso ha o kgahliswe ke tsona.
17. Sehlabelo se ratwang ke Modimo, ke moya o robehileng. Modimo, ha o kgese pelo e robehileng, e hlomohileng.
18. Leratong la hao o hlohonolofatse Sione; o hahe marako a Jerusalema!
19. Ke moo o tla kgahlwa ke mahlabelo a ho loka, le ditjheso, le tse tjheseletswang kaofela; mme ba tla hlahisa dipohwana aletareng ya hao.