1. Jehova ke modisa wa ka, nke ke ka hloka letho.
2. O mphomotsa makgulong a matala, o ntsamaisa pela metsi a kgutsitseng.
3. O hlabolla moya wa ka; o ntsamaisa mehlaleng ya ho loka, ka baka la lebitso la hae.
4. Leha nka tsamaya kgohlong ya moriti wa lefu, nke ke ka tshoha bobe leha bo le bong, hobane o na le nna; lere la hao le seikokotlelo sa hao ke tsona tse ntshedisang.
5. O teka tafole pela ka, pontsheng ya dira tsa ka; o tlotsitse hlooho ya ka ka ole, mohope wa ka o a kgaphatseha.
6. Ruri, lehlohonolo le mohau di ntse di ntatela ka ditshiu tsohle tsa ho phela ha ka, mme ke tla nne ke hlole ka tlung ya Jehova kamehla.