1. Modimo, utlwa lentswe la ka, ha ke howeletsa; o boloke bophelo ba ka ho sera se ntshosang!
2. O ntshireletse mererong ya ba bolotsana le letshweleng la ba sebetsang bokgopo,
3. ba leotsang maleme a bona jwaloka letlele, ba phosang mantswe a bohloko jwaloka metsu,
4. ho hlaba motho ya se nang molato sephiring; ba phakisa ho phosetsa ho yena, ba sa tshabe.
5. Ba pheheletse ho etsa hampe, ba rera hammoho ho pata maraba, ba re: Ke mang ya tla a bona?
6. Ba qapa tsa bolotsana, ba re: Re itokisitse, mano a lohilwe! Ba pata mehopolo ya dipelo tsa bona.
7. Empa Modimo o tla phosetsa ho bona ka metsu ya wona, ba hlajwe hang, ba dihuwe;
8. maleme a bona ke wona a tla ba ahlola; bohle ba ba bonang ba tla tsokotsa dihlooho.
9. Batho bohle ba tla tshwarwa ke tshabo, ba bolele mosebetsi wa Modimo, ba lemohe diketso tsa wona.
10. Ya lokileng o tla ithabela ho Jehova, a tshabele ho yena; batho bohle ba nang le pelo e lokileng ba tla ithorisa kahoo.