Genese

  1. 1
  2. 2
  3. 3
  4. 4
  5. 5
  6. 6
  7. 7
  8. 8
  9. 9
  10. 10
  11. 11
  12. 12
  13. 13
  14. 14
  15. 15
  16. 16
  17. 17
  18. 18
  19. 19
  20. 20
  21. 21
  22. 22
  23. 23
  24. 24
  25. 25
  26. 26
  27. 27
  28. 28
  29. 29
  30. 30
  31. 31
  32. 32
  33. 33
  34. 34
  35. 35
  36. 36
  37. 37
  38. 38
  39. 39
  40. 40
  41. 41
  42. 42
  43. 43
  44. 44
  45. 45
  46. 46
  47. 47
  48. 48
  49. 49
  50. 50

BIBELE e Halalelang

Genese 5 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

Leloko la Adama ka Setha ho isa Nowe.

1. Ke ena buka ya leloko la Adama. Ka letsatsi leo Modimo o neng o bope motho ka lona, o mmopile ka setshwantsho sa Modimo.

2. Wa bopa e motona le e motshehadi, wa ba hlohonolofatsa, mme wa ba rea lebitso la motho, mohla ba bopjwang.

3. Adama a phela dilemo tse lekgolo le mashome a mararo, a tswala mora ka setshwantsho sa hae le ka sebopeho sa hae, a mo rea lebitso la Setha.

4. Eitse hobane Adama a tswale Setha, a phela dilemo tse makgolo a robileng meno e le mmedi; a tswala bara le baradi.

5. Ditshiu tsohle tseo Adama a phetseng ka tsona, e bile dilemo tse makgolo a robileng mono o le mong a mashome a mararo; mme a shwa.

6. Setha a phela dilemo tse lekgolo le metso e mehlano; a tswala Enose.

7. Eitse hobane Setha a tswale Enose, a phela dilemo tse makgolo a robileng meno e le mmedi le metso e supileng; a tswala bara le baradi.

8. Ditshiu tsohle tsa Setha e bile dilemo tse makgolo a robileng mono o le mong a leshome le metso e mmedi; mme a shwa.

9. Enose a phela dilemo tse mashome a robileng mono o le mong, mme a tswala Kenane.

10. Eitse Enose ha a tswetse Kenane, a phela dilemo tse makgolo a robileng meno e le mmedi a leshome le metso e mehlano; a tswala bara le baradi.

11. Ditshiu tsohle tsa Enose ya eba dilemo tse makgolo a robileng mono o le mong a metso e mehlano; mme a shwa.

12. Kenane a phela dilemo tse mashome a supileng, mme a tswala Mahalaleele.

13. Kenane ha a se a tswetse Mahalaleele, a phela dilemo tse makgolo a robileng meno e mmedi a mashome a mane; mme a tswala bara le baradi.

14. Ditshiu tsohle tsa Kenane ya eba dilemo tse makgolo a robileng mono o le mong le leshome le le leng; mme a shwa.

15. Mahalaleele a phela dilemo tse mashome a tsheletseng a metso e mehlano; mme a tswala Jerede.

16. Eitse Mahalaleele ha a tswetse Jerede, a phela dilemo tse makgolo a robileng meno e mmedi a mashome a mararo; mme a tswala bara le baradi.

17. Ditshiu tsohle tsa Mahalaleele ya eba dilemo tse makgolo a robileng meno e mmedi a mashome a robileng mono o le mong a metso e mehlano; mme a shwa.

18. Eitse Jerede ha a phedile dilemo tse lekgolo le mashome a tsheletseng a metso e mmedi, a tswala Henoke.

19. Jerede eitse hobane a tswale Henoke, a phela dilemo tse makgolo a robileng meno e le mmedi; mme a tswala bara le baradi.

20. Ditshiu tsohle tsa Jerede ya eba dilemo tse makgolo a robileng mono o le mong a mashome a tsheletseng a metso e mmedi; mme a shwa.

21. Henoke a phela dilemo tse mashome a tsheletseng a metso e mehlano; mme a tswala Methusela.

22. Henoke ha a tswetse Methusela, a tsamaya le Modimo ka dilemo tse makgolo a mararo; mme a tswala bara le baradi.

23. Ditshiu tsohle tsa Henoke ya eba dilemo tse makgolo a mararo a mashome a tsheletseng a metso e mehlano.

24. Henoke a tsamaya le Modimo; mme a ba siyo, hobane Modimo wa na wa mo nka.

25. Methusela ha a phedile dilemo tse lekgolo le mashome a robileng meno e mmedi a metso e supileng, a tswala Lemeke.

26. Methusela ha a tswetse Lemeke, a phela dilemo tse makgolo a supileng a mashome a robileng meno e mmedi a metso e mmedi; mme a tswala bara le baradi.

27. Ditshiu tsohle tsa Methusela ya eba dilemo tse makgolo a robileng mono o le mong a mashome a tsheletseng a metso e robileng mono o le mong; mme a shwa.

28. Lemeke ha a phedile dilemo tse lekgolo le mashome a robileng meno e mmedi a metso e mmedi, a tswala mora.

29. A mo rea lebitso la Nowe, a re: Enwa o tla re phomotsa mosebetsing wa rona le mokgathaleng wa matsoho a rona ho tswang lefatsheng le rohakilweng ke Jehova.

30. Lemeke ha a tswetse Nowe, a phela dilemo tse makgolo a mahlano a mashome a robileng mono o le mong a metso e mehlano; mme a tswala bara le baradi.

31. Ditshiu tsohle tsa Lemeke ya eba dilemo tse makgolo a supileng a mashome a supileng a metso e supileng; mme a shwa.

32. Nowe a phela dilemo tse makgolo a mahlano, a ntoo tswala Sema, le Kama, le Jafeta.