Genese

  1. 1
  2. 2
  3. 3
  4. 4
  5. 5
  6. 6
  7. 7
  8. 8
  9. 9
  10. 10
  11. 11
  12. 12
  13. 13
  14. 14
  15. 15
  16. 16
  17. 17
  18. 18
  19. 19
  20. 20
  21. 21
  22. 22
  23. 23
  24. 24
  25. 25
  26. 26
  27. 27
  28. 28
  29. 29
  30. 30
  31. 31
  32. 32
  33. 33
  34. 34
  35. 35
  36. 36
  37. 37
  38. 38
  39. 39
  40. 40
  41. 41
  42. 42
  43. 43
  44. 44
  45. 45
  46. 46
  47. 47
  48. 48
  49. 49
  50. 50

BIBELE e Halalelang

Genese 11 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

Tora ya Babele.

1. Lefatshe lohle le ne le na le puo e le nngwe le mantswe a le mang.

2. Yare ha ba fallela Botjhabela, ba fihlela lehwatata naheng ya Shineare, mme ba aha teng.

3. Yaba ba bolellana, ba re: Tloong hleng, re bope makote, re a bese ka mollo. Ba eba le makote bakeng sa majwe, le bitume bakeng sa seretse.

4. Jwale ba re: Tloong jwale, re ikgahele motse le tora, hloro ya yona e fihle lehodimong, mme re iketsetse lebitso, re tle re se ke ra qhalanyetswa lefatsheng lohle.

5. Yaba Jehova o theoha ho tla bona motse le tora e hahuwang ke bana ba batho.

6. Jehova a re: Bonang, ke setjhaba se le seng, puo ya bona kaofela e nngwe feela, mme haele mona ba qadile ho sebetsa, ha ba sa na ho thibelwa hore ba se ke ba phetha tsohle tseo ba di rerileng.

7. A re theoheng he, re ferekanye puo ya bona hona teng, hore e mong a se ke a utlwa puo ya e mong.

8. Yaba Jehova o ba qhalanya teng jwalo, ba ya le lefatshe lohle, ba lesa ho haha motse.

9. Ka baka leo, motse oo wa rewa Babele, kahobane ke moo Jehova a ferekantseng teng puo ya lefatshe lohle, le moo Jehova a ba qhalanyeditseng teng lefatsheng lohle.

Bontatemoholo ba setjhaba sa Baiseraele ho tloha ho Abrahama ho isa ho Josefa, 11:10 — 50:26.

Lesika la Sema.

10. Ditloholo tsa Sema ke tsena: Sema e ne e le motho ya dilemo tse lekgolo, mme a tswala Arpaksade, ka lemo sa bobedi ha morwallo o se o fetile.

11. Sema eitse hobane a tswale Arpaksade, a phela dilemo tse makgolo a mahlano; mme a tswala bara le baradi.

12. Arpaksade a phela dilemo tse mashome a mararo a metso e mehlano, a tswala Shela.

13. Arpaksade eitse hobane a tswale Shela, a phela dilemo tse makgolo a mane a metso e meraro; mme a tswala bara le baradi.

14. Shela a phela dilemo tse mashome a mararo, a tswala Hebere;

15. mme Shela ha a se a tswetse Hebere a phela dilemo tse makgolo a mane a metso e meraro; mme a tswala bara le baradi.

16. Hebere a phela dilemo tse mashome a mararo a metso e mene, a tswala Pelege;

17. mme Hebere ha a se a tswetse Pelege, a phela dilemo tse makgolo a mane a mashome a mararo; mme a tswala bara le baradi.

18. Pelege a phela dilemo tse mashome a mararo, a tswala Rehu;

19. mme Pelege eitse hobane a tswale Rehu, a phela dilemo tse makgolo a mabedi a metso e robileng mono o le mong; mme a tswala bara le baradi.

20. Rehu a phela dilemo tse mashome a mararo a metso e mmedi, a tswala Seruge;

21. mme Rehu ha a se a tswetse Seruge, a phela dilemo tse makgolo a mabedi a metso e supileng; mme a tswala bara le baradi.

22. Seruge a phela dilemo tse mashome a mararo, a tswala Nakore;

23. mme Seruge eitse hobane a tswale Nakore, a phela dilemo tse makgolo a mabedi; mme a tswala bara le baradi.

24. Nakore a phela dilemo tse mashome a mabedi a metso e robileng mono o le mong, a tswala Tera;

25. mme Nakore eitse hobane a tswale Tera, a phela dilemo tse lekgolo le leshome le metso e robileng mono o le mong; mme a tswala bara le baradi.

26. Tera a phela dilemo tse mashome a supileng, mme a tswala Abrame, Nakore le Harane.

27. Ditloholo tsa Tera ke tsena: Tera a tswala Abrame, Nakore le Harane; Harane a tswala Lota.

28. Empa Harane a shwa, Tera ntatae a sa ntse a le teng, lefatsheng leo a tswaletsweng ho lona, Ure wa Kalde.

29. Abrame le Nakore ba inkela basadi; lebitso la mosadi wa Abrame e le Sarai, lebitso la mosadi wa Nakore e le Milka, moradi wa Harane, ntata Milka le Jiska.

30. Empa Sarai e ne e le nyopa, a se na ngwana.

31. Tera a nka mora hae Abrame, le setloholo sa hae Lota, mora Harane, le ngwetsi ya hae Sarai, mohatsa Abrame, mora hae; mme ba tswa Ure wa Kalde ho ya lefatsheng la Kanana. Ba fihla Kharane, ba aha teng.

32. Ditshiu tsa Tera ya eba dilemo tse makgolo a mabedi a metso e mehlano; Tera a ntoo shwela Kharane.