Genese

  1. 1
  2. 2
  3. 3
  4. 4
  5. 5
  6. 6
  7. 7
  8. 8
  9. 9
  10. 10
  11. 11
  12. 12
  13. 13
  14. 14
  15. 15
  16. 16
  17. 17
  18. 18
  19. 19
  20. 20
  21. 21
  22. 22
  23. 23
  24. 24
  25. 25
  26. 26
  27. 27
  28. 28
  29. 29
  30. 30
  31. 31
  32. 32
  33. 33
  34. 34
  35. 35
  36. 36
  37. 37
  38. 38
  39. 39
  40. 40
  41. 41
  42. 42
  43. 43
  44. 44
  45. 45
  46. 46
  47. 47
  48. 48
  49. 49
  50. 50

BIBELE e Halalelang

Genese 33 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Jakobo a lelatsa mahlo a hae, a tadima, mme a bona Esau a etla a na le batho ba makgolo a mane. Yaba bana o ba arolela Lea, le Ragele, le makgabunyane a mabedi.

2. A bea makgabunyane le bana ba wona kapele, mme kamora bona a bea Lea le bana ba hae, mme Ragele le Josefa a ba bea kamoraorao.

3. Yena a fetela pele ho bona, a inamela fatshe makgetlo a supileng, a ba a fihla ho moholwane wa hae.

4. Esau a titima ho mo kgahlanyetsa, a mo phothoma a wela molaleng wa hae, a mo aka; mme a lla.

5. A lelatsa mahlo a hae, a bona basadi le bana, a re: Ke bomang bao o nang le bona? A re: Ke bana bao Modimo o ba neileng mohlanka wa hao.

6. Yaba makgabunyane a atamela, wona le bana ba wona, a inama.

7. Lea le yena a atamela le bana ba hae, ba inama; kamorao ha tla Josefa le Ragele, ba inama.

8. A re: O hopotseng ka mehlape eo yohle eo ke kgahlaneng le yona? A re: Ke hore ke fumane mohau mahlong a hao, morenaka.

9. Esau a re: Ke se ke na le tse ngata, ngwaneso; tsa hao e be tsa hao!

10. Yaba Jakobo o re: Tjhe bo, ke a o rapela, ha ke fela ke fumane mohau mahlong a hao, ako amohele nyehelo ya ka letsohong la ka, etswe ke tadimile sefahleho sa hao, jwalokaha motho a tadima sefahleho sa Modimo, mme wa nthabela.

11. Amohela hle nyehelo ya ka e isitsweng ho wena, hobane Modimo o nneile lehlohonolo, mme ke bile ke na le tsohle. A mo phehella jwalo; yaba o a di nka.

12. Esau a re: A re tloheng, re tsamaye, mme ke tla o etella pele.

13. Jakobo a re ho yena: Morenaka, o a tseba hobane bana ba sa ntse ba fokola, mme ke na le dinku le dikgomo tse anyesang; ekare ha di ka potlakiswa ka letsatsi le le leng, mohlape kaofela o ka shwa.

14. Morenaka a ke a etelle mohlanka wa hae pele, mme nna ke tla qhobaqhoba butlenyane ka ho lekanya maoto a dintho tse pela ka, le maoto a bana, ke be ke finyelle Seire ho morenaka.

15. Esau a re: A nke ke o siele batho ba bang bao ke nang le bona. Yaba o re: Ke haele ka baka lang? A ke mpe ke fumane mohau mahlong a morenaka!

16. Yaba Esau o kgutla ka tsela ya hae ka lona tsatsi leo, a ya Seire.

17. Jakobo a ya Sukkothe, a ikgahela ntlo, mme mehlape ya hae a e etsetsa metlotlwane; ke ka baka leo motse oo o bitswang Sukkothe.

18. Jakobo a fihla ka kgotso motseng wa Sikeme, o leng naheng ya Kanana, a sa ntse a etswa Paddan-Arame; a hloma tente tsa hae pela motse.

19. A reka sekoto sa naha, seo a hlomileng tente ya hae ho sona, ho bana ba Hamore, ntata Sikeme, ka dikesita tse lekgolo.

20. A haha aletare teng, a e rea El-Elohe-Iseraele (Modimo ke Modimo wa Iseraele)