Genese

  1. 1
  2. 2
  3. 3
  4. 4
  5. 5
  6. 6
  7. 7
  8. 8
  9. 9
  10. 10
  11. 11
  12. 12
  13. 13
  14. 14
  15. 15
  16. 16
  17. 17
  18. 18
  19. 19
  20. 20
  21. 21
  22. 22
  23. 23
  24. 24
  25. 25
  26. 26
  27. 27
  28. 28
  29. 29
  30. 30
  31. 31
  32. 32
  33. 33
  34. 34
  35. 35
  36. 36
  37. 37
  38. 38
  39. 39
  40. 40
  41. 41
  42. 42
  43. 43
  44. 44
  45. 45
  46. 46
  47. 47
  48. 48
  49. 49
  50. 50

BIBELE e Halalelang

Genese 23 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

Ho shwa le ho epelwa ha Sara.

1. Ditshiu tsa Sara ya eba dilemo tse lekgolo le mashome a mabedi a metso e supileng; ke tsona dilemo tsa ho phela ha Sara.

2. Sara a shwela Kiryath-Arba, e leng Hebrone, naheng ya Kanana; mme Abrahama a tla bofifing ba Sara ho mo llela.

3. Abrahama a tloha pela mofu wa hae, a bua le bara ba Hethe, a re:

4. Ke moditjhaba le mojaki hara lona; nneeng setsha sa mabitla hara lona, e be sa ka, ke tle ke pate mofu wa ka teng, a tloswe pela ka.

5. Bara ba Hethe ba araba Abrahama, ba re ho yena:

6. O re mamele, monghadi: O kgosana ya Modimo hara rona; pata mofu wa hao lebitleng la rona leo o tla le kgetha. Ha ho motho ho rona ya ka o hanelang le lebitla la hae, leo o ka patang mofu wa hao ho lona.

7. Yaba Abrahama o a ema, a inama ho baahi ba naha, bara ba Hethe;

8. a ba bolella, a re: Ha pelo tsa lona di se di dumetse hore ke pate mofu wa ka, ke mo tlose pela ka, mmameleng, mme le nthapelle ho Efrone, mora Tsohare,

9. hore a nnee lehaha la Makpela, leo e leng la hae, le leng pheletsong ya tshimo ya hae; a nnee lona pontsheng ya lona, hodima ditjhelete tse lekaneng, mme e be setsha sa ka sa ho epela.

10. Efrone o ne a ahile hara bara be Hethe. Efrone, Mohethe, a araba Abrahama, bara ba Hethe le bohle ba fetang ka kgoro ya motse wa hae ba ntse ba mametse, a re:

11. Tjhe, morena, ako mamele: Ke o nea tshimo, le lehaha le ho yona ke o nea lona; ke o nea tsona pontsheng ya bara ba setjhaba se heso: pata mofu wa hao.

12. Yaba Abrahama o inama pela baahi ba naha.

13. A bua le Efrone, batho ba naha ba ntse ba mametse, a re: Hojane wa ka wa mmamela! Ke tla o nea tjhelete ya tshimo; e nke hle ho nna, mme ke tla pata mofu wa ka teng.

14. Yaba Efrone o araba Abrahama, a re ho yena:

15. Monghadi, ako nkutlwe: Tshimo e rekwang ka dishekele tse makgolo a mane tsa silefera e ka ba eng mahareng a ka le wena? Hlo o mpe o pate mofu wa hao.

16. Yaba Abrahama o dumela Efrone; Abrahama a lekanyetsa Efrone ditjhelete tseo a di boletseng, bara ba Hethe ba mametse: dishekele tsa silefera tse makgolo a mane tsa tseo ho rekwang ka tsona ho bahwebi.

17. Yaba tshimo ya Efrone e Makpela, e leng pela Mamre, tshimo le lehaha le ho yona, le difate tsohle tse tshimong le moeding wohle wa yona kahohle, ho a tiiswa,

18. hore e tla ba leruo la Abrahama pontsheng ya bara ba Hethe le ya bohle ba fetang kgorong ya motse wa hae.

19. Kamora tseo, Abrahama a pata Sara, mosadi wa hae, lehaheng la tshimo ya Makpela e pela Mamre, e leng Hebrone, naheng ya Kanana.

20. Tshimo le lehaha le ho yona tsa tiiselletswa Abrahama ke bana ba Hethe, hore e be setsha sa hae sa ho epela.