Genese

  1. 1
  2. 2
  3. 3
  4. 4
  5. 5
  6. 6
  7. 7
  8. 8
  9. 9
  10. 10
  11. 11
  12. 12
  13. 13
  14. 14
  15. 15
  16. 16
  17. 17
  18. 18
  19. 19
  20. 20
  21. 21
  22. 22
  23. 23
  24. 24
  25. 25
  26. 26
  27. 27
  28. 28
  29. 29
  30. 30
  31. 31
  32. 32
  33. 33
  34. 34
  35. 35
  36. 36
  37. 37
  38. 38
  39. 39
  40. 40
  41. 41
  42. 42
  43. 43
  44. 44
  45. 45
  46. 46
  47. 47
  48. 48
  49. 49
  50. 50

BIBELE e Halalelang

Genese 43 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Tlala ya nna ya tota lefatsheng. Eitse hobane ba qete koro eo ba neng ba e setse Egepeta, ntata bona a re ho bona: Boelang le ye ho re rekela dijonyana.

2-3. Yaba Juda o bua, a re: Motho elwa o hlile o tiisitse, a re ho rona: Ha le ka ke la bona sefahleho sa ka, haese hobane ngwanabo lona a be le lona.

4. Ha o ka dumela ho roma ngwanabo rona le rona, re tla theoha, re o rekele dijo:

5. empa ha o sa mo rome, re ke ke ra theoha, hobane motho eo o itse ho rona: Le ke ke la bona sefahleho sa ka, ha ngwanabo lona a se ho lona.

6. Yaba Iseraele o re: Ke ka baka lang ha le nketseditse hampe hakalo, la bolella motho eo hoba le sa na le ngwanabo lona?

7. Ba re: Monna eo o re botsisitse hodima rona le hodima babo rona, a re: A ntata lona o sa phela na? A ngwanabo lona e mong o teng na? Ra mmolella kamoo a re botsang kateng. Na re ne re ka tseba jwang hoba o tla re: Tsamayang, le ye ho lata ngwanabo lona?

8. Juda a a ba a re ho Iseraele, ntatae: Roma moshanyana le rona, re tswe re tloha re tsamaya, re tle re pholohe, re se ke ra shwa, rona, le wena, le bana ba rona.

9. Ke itlama bakeng sa hae, o tla mmatla letsohong la ka, mme ha ke sa mo kgutlisetse ho wena, ka mmea pela hao, ke tla ba molato ho wena kamehla;

10. hobane hojane ha re a dieha, re ka be re se re boile makgetlo a mabedi jwale.

11. Yaba Iseraele, ntata bona, o re ho bona: Ha e ka kgona ho be jwalo, etsang hona: Kenyang mekotleng ya lona dintho tsa bohlokwa tsa naha, le nyehelle motho eo ka tsona; le nkeng balsame, le dinotshi, le dinoko, le mirra, le ditholwana, le diamanda.

12. Le nkeng le tjhelete e nngwe hape matsohong a lona, le tjhelete e kgutliseditsweng melomong ya mekotla ya lona le e kgutliseng; ekaba e ne e le kgakang.

13. Le be le nke ngwanabo lona, le tloheng, le boeleng ho motho eo.

14. Modimo o matla wohle o ke o le fumanise mohau ho motho eo, a tle a le buseletse ngwanabo lona e mong le Benjamine! Haele nna, ha ke timellwa ke bana, ke mpe ke timellwe!

15. Yaba banna bao ba nka nyehelo eo, ba nka le tjhelete e nngwe hape matsohong a bona, ba nka le Benjamine, ba tloha, ba ya Egepeta, ba hlaha pela Josefa.

16. Eitse ha Josefa a bona Benjamine a le ho bona, a re ho mohlahlobi wa ntlo ya hae: Isa banna bana hae, o hlabe, o lokise; hobane banna bana ba tla ja le nna motshehare.

17. Monna eo a etsa kamoo Josefa a laetseng kateng, a isa banna bao tlung ya Josefa.

18. Yaba banna bao ba tshoha, ha ba iswa tlung ya Josefa, ba re: Ke ka baka la tjhelete tse kgutliseditsweng mekotleng ya rona mohlang oo re iswang teng, re tle re tsekiswe, a re tsohele matla, a re tshware rona le diesele tsa rona, a re etse makgoba a hae.

19. Ba atamela mohlahlobi wa ntlo ya Josefa, ba bua le yena monyako wa ntlo,

20. ba re: Oho monghadi, re fela re ne re tlile la pele ho tla reka dijo;

21. yare ha re fihla moo ho robalwang, ra lokolla mekotla ya rona; ra tshoha tjhelete ya e mong le e mong e le molomong wa mokotla wa hae, tjhelete ya rona ka tekanyo ya yona, mme re boetse re e tlisitse matsohong a rona.

22. Re bile re tlisitse le tjhelete e nngwe matsohong a rona ho tla reka dijo; ha re tsebe hore a ke mang ya buseditseng tjhelete ya rona mekotleng ya rona.

23. A re ho bona: Kgotso e be le lona! Se tshabeng; Modimo wa lona, e leng le Modimo wa ntata lona, ke wona o le neileng leruo mekotleng ya lona; tjhelete ya lona ya na ya fihla ho nna. A ba a ba tlisetsa Simeone.

24. Yaba motho eo o tlisa banna bao ka tlung ya Josefa, a ba nea metsi a hlatswang maoto a bona, a fepa le diesele tsa bona.

25. Ba lokisa nyehelo ho e beela Josefa ha a etla motshehare; ka hoba ba ne ba utlwile hore ba tla ja teng.

26. Eitse ha Josefa a etla ka tlung, ba mo tlisetsa tlung nyehelo eo ba nang le yona matsohong, mme ba inamela fatshe pela hae.

27. Yaba o ba botsa tsa ho phela ha bona, a re: Ntata lona o sa ntse a dutse hantle, leqheku leo le mpoleletseng lona na? O sa ntse a phela na?

28. Ba re: Mohlanka wa hao, ntata rona, o dutse hantle, o sa ntse a pholohile. Ba inama, ba kgumama.

29. Yaba o lelatsa mahlo a hae, a bona Benjamine, moenae, ngwana mmae, a re: A ke yena eo ngwanabo lona e monyenyane, eo le mpoleletseng yena? A re: Modimo o o rekolohele, mora wa ka!

30. Josefa a phakisa a tloha, hobane pelo ya hae e ne e hlomohela moenae, mme a batla moo a ka llelang teng; a kena tlung e kahare, a llela teng.

31. A ntoo iphotla sefahleho, a boela a tswa a itiisa, a re: Tsholang dijo.

32. Ba mo tsholela kahosele, le bona ba tsholelwa kahosele, le Baegepeta ba jang le yena ba tsholelwa kahosele; hobane Baegepeta ha ba na ho ja le Baheberu, hobane ke manyala ho Baegepeta.

33. Ba dudiswa pela hae, e moholo ka boholo ba hae, le e monyenyane ka bonyenyane ba hae, mme banna bao ba tadimana ka ho tsota.

34. A ba abela dijo tse pela hae, mme kabelo ya Benjamine ya fetisa dikabelo tsa bona kaofela hahlano. Mme ba enwa, ba thaba le yena.