Genese

  1. 1
  2. 2
  3. 3
  4. 4
  5. 5
  6. 6
  7. 7
  8. 8
  9. 9
  10. 10
  11. 11
  12. 12
  13. 13
  14. 14
  15. 15
  16. 16
  17. 17
  18. 18
  19. 19
  20. 20
  21. 21
  22. 22
  23. 23
  24. 24
  25. 25
  26. 26
  27. 27
  28. 28
  29. 29
  30. 30
  31. 31
  32. 32
  33. 33
  34. 34
  35. 35
  36. 36
  37. 37
  38. 38
  39. 39
  40. 40
  41. 41
  42. 42
  43. 43
  44. 44
  45. 45
  46. 46
  47. 47
  48. 48
  49. 49
  50. 50

BIBELE e Halalelang

Genese 39 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

Josefa ha a le Egepeta.

1. Josefa a iswa Egepeta, mme Potifaro, tona ya Faro, hlooho ya balebedi, Moegepeta, a mo reka ho Baishmaele ba mo isitseng teng.

2. Jehova a ba le Josefa, ya eba motho ya lehlohonolo, mme a dula ka tlung ya monga hae Moegepeta.

3. Monga hae a bona hoba Jehova o na le yena, le hoba tsohle tseo a di etsang Jehova o mo atlisetsa tsona letsohong la hae.

4. Josefa a fumana mohau mahlong a hae, a mo sebeletsa, monga hae a mmea hore e be molaodi wa ntlo ya hae, mme tsohle tseo a nang le tsona a di bea letsohong la hae.

5. Ha a se a mo entse molaodi wa ntlo ya hae le wa tsohle tseo a nang le tsona, Jehova a hlohonolofatsa ntlo ya Moegepeta ka baka la Josefa, mme lehlohonolo la Josefa la eba ho tsohle tseo a nang le tsona ka tlung le naheng.

6. Ntho tsohle tsa hae a di tlohela diatleng tsa Josefa, a se ke a hlola a botsa letho la hae haese bohobe boo a bo jang. Josefa o ne a na le sebopeho se setle, le tshobotsi e ntle.

7. Kamora ditaba tsena, mosadi wa mong a Josefa a isa mahlo ho yena, a re: Robala le nna!

8. Empa a hana, a re ho mosadi wa monga hae: Bona, mong a ka ha a mpotse letho la tsa ntlo ya hae, tsohle tseo a nang le tsona o di beile matsohong a ka;

9. ha ho e moholo ho nna ka tlung ena, mme ha a nkganele le letho haese le wena, kahobane o le mosadi wa hae; nka etsa jwang bobe bo boholo hakalo, ka sitelwa Modimo na?

10. Leha a ne a bua le Josefa ka matsatsi le matsatsi, ha a ka a mo dumela hore a robale le yena, leha e le ho ba le yena.

11. Mohlomong, ha a ile ka tlung ho etsa mosebetsi wa hae, mme ho se le a mong wa batho ba ntlo teng ka tlung,

12. a mo tshwara ka kobo, a re ho yena: Robala le nna! Yaba o siya kobo ya hae matsohong a hae, a baleha, a tswela ntle.

13. Eitse ha a bona hoba o siile kobo ya hae matsohong a hae, a balehile,

14. a bitsa batho ba ntlo ya hae, a ba bolella, a re: Bonang, ho tlisitswe monna wa Moheberu ho rona ho bapala ka rona. O tlile ho nna, a re, o robala le nna, mme ka hoeletsa ka lentswe le leholo;

15. eitse ha a utlwa hoba ke phahamisa lentswe la ka, ke howeletsa, a siya kobo ya hae ho nna, a baleha, a tswela ntle.

16. A boloka kobo ya Josefa pela hae, ho fihlela mong a hae ha a etla hae.

17. Yaba o bua le yena ka polelo tsa hore hoitseng, a re: Mohlanka wa Moheberu eo o mo tlisitseng ho rona, o ile a tla ho nna ho bapala ka nna.

18. Yare ha ke phahamisa lentswe la ka, ke bitsa, a siya kobo ya hae ho nna, a balehela ntle.

19. Eitse ha mong a hae a utlwa polelo tsa mosadi wa hae; tseo a mmolellang tsona ka ho re: Mohlanka wa hao o nkentse ka hore hoitseng, bohale ba hae ba tuka.

20. Yaba mong a Josefa o na mo nka a mo kenya tlung ya teronko, nqalong eo baholehuwa ba morena ba holehilweng teng; mme a dula teng, ka tlung ya teronko.

21. Jehova a ba le Josefa, a mo etsetsa ka lereko, a mo fumantsha mohau mahlong a mong a ntlo ya teronko.

22. Mong a ntlo ya teronko a neela matsohong a Josefa baholehuwa kaofela ba leng ka tlung ya teronko, mme tsohle tse neng di etswa teng e ne e le yena ya di etsang.

23. Mong a ntlo ya teronko o ne a sa hlahlobe letho la dintho kaofela tse leng matsohong a hae, hoba Jehova o ne a na le yena, mme seo a neng a se etsa, Jehova o ne a mo atlisetsa sona.