Genese

  1. 1
  2. 2
  3. 3
  4. 4
  5. 5
  6. 6
  7. 7
  8. 8
  9. 9
  10. 10
  11. 11
  12. 12
  13. 13
  14. 14
  15. 15
  16. 16
  17. 17
  18. 18
  19. 19
  20. 20
  21. 21
  22. 22
  23. 23
  24. 24
  25. 25
  26. 26
  27. 27
  28. 28
  29. 29
  30. 30
  31. 31
  32. 32
  33. 33
  34. 34
  35. 35
  36. 36
  37. 37
  38. 38
  39. 39
  40. 40
  41. 41
  42. 42
  43. 43
  44. 44
  45. 45
  46. 46
  47. 47
  48. 48
  49. 49
  50. 50

BIBELE e Halalelang

Genese 38 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

Juda le Tamare.

1. Ya na ya re mehleng eo, Juda a tloha ho banababo, a fapohela ha monna wa Adullame, ya bitswang Hira.

2. Juda a bona teng moradi wa motho wa Kanana, ya bitswang Shua; a mo nyala, a tla ho yena.

3. A emola, a tswala mora, mme a mo rea lebitso la Ere.

4. A boela a emola, a tswala mora, mme a mo rea lebitso la Onane.

5. A boela a tswala mora hape, a mo rea lebitso la Shela. Juda o ne a le Kesibe, ha eo a tswalwa.

6. Juda a nkela Ere, mora wa hae wa letsibolo, mosadi, lebitso la hae e le Tamare.

7. Ere, mora wa letsibolo wa Juda, e ne e le motho e mobe mahlong a Jehova, mme Jehova a mmolaya.

8. Yaba Juda o re ho Onane: Eya ho mosadi wa moholwane wa hao, o mo kenele, kaha o le ngwanabo monna wa hae, o tsosetse moholwane wa hao leloko.

9. Empa Onane, ka ho tseba hobane bana e ke ke ya eba ba hae, e ne e re ha a eya ho mosadi wa moholwane wa hae, o ne a ithusetsa fatshe, a tle a se ke a fa moholwane bana.

10. Seo a neng a se etsa, sa eba sebe mahlong a Jehova, mme a mmolaya le yena.

11. Yaba Juda o re ho Tamare, ngwetsi ya hae: Kgutlela tlung ya ntatao o le mohlolohadi, ho fihlela Shela, moraka, a hola. Hobane o ne a re, esere mohlomong le yena a shwa jwaloka banababo. Yaba Tamare o a tsamaya, a boela tlung ya ntatae.

12. Ha isaisa ditshiu tse ngata, mme mohatsa Juda, moradi wa Shua, a shwa; eitse ha Juda a tshedisehile, a nyoloha ho ya Thimna ho bakuti ba dinku tsa hae, yena le molekane wa hae Hira, wa Adullame.

13. Tamare a bolellwa, ha thwe: Bona, matsalao o nyolohetse Thimna ho kuta dinku tsa hae.

14. Yaba o hlobola diaparo tsa hae tsa bohlolohadi, a ikapesa ka lesira, a ipopa, a ye dula kgorong ya Enaime, e tseleng ya Thimna; hobane o ne a bona hoba Shela o hodile, a mpa a sa mo newe hore e be mosadi wa hae.

15. Juda a mmona, a re ekaba ke seotswa, hobane a ne a ipatile sefahleho.

16. A fapohela ho yena tseleng, a re: Ako ntumelle hore ke tle ho wena. Kanthe ha a tsebe hoba ke ngwetsi ya hae. Yaba o re: O tla nneang, ha o ka tla ho nna?

17. A re: Ke tla o romela phorohlwana ya podi ya mohlape wa ka. A re: Ke ha o ka nnea tebeletso ho fihlela o ba o e romela.

18. A re: Ke o nee tebeletso efe? A re: Lesale la tiiso la hao, le leqhwele la hao, le lere le letsohong la hao. Yaba o a mo nea, a yo ho yena; mosadi a emodiswa ke yena.

19. A tloha a ikela, a rola lesira leo a neng a le rwetse, a apara diaparo tsa bohlolohadi.

20. Juda a romela potsanyane ka letsoho la Hira, wa Adullame, molekane wa hae, ho tla lata tebeletso e diatleng tsa mosadi, empa a se ka a mmona.

21. Yaba o botsa batho ba motse, a re: Se kae seotswa se neng se le Enaime, pela mmila? Ba re: Ha ho a ka ha eba seotswa mona.

22. Yaba o kgutlela ho Juda, a re: Ha ke a ka ka mo fumana, mme banna ba motse ba bile ba mpolella, ba re: Ha ho seotswa mona.

23. Juda a re: A ipolokele, esere mohlomong re ka hlabiswa dihlong; kanthe potsanyane eo ke e rometse, mme ha o a ka wa mo fumana.

24. Kamora tseo, ha kgwedi di batla ho ba tharo, Juda a tsebiswa, ha thwe: Tamare, ngwetsi ya hao, o febile, o bile o emodisitswe ke bofebe ba hae. Juda a re: Mo ntsheng, a tjheswe!

25. Eitse ha ba re ba mo ntsha, a romela ho matsalae, a re: Ke emodisitswe ke monna eo ntho tsena e leng tsa hae; mme a re: Ako tsebe hore na tsena ke tsa mang; lesale la tiiso, le leqhwele, le lere?

26. Juda a di tseba, mme a re: O lokile ho fetisa nna, hobane ha ke a ka ka mo nea Shela, moraka. Yaba ha a sa pheta ho ya ho yena.

27. Ha a itshihlolla, a tshoha e le mafahla ka mpeng ho yena.

28. Yare ha a se a le pelehing, ngwana e mong a hlahisa seatla, mme mmelehisi a se nka, a se tlamella ka tshwele e kgubedu, ka ho re: Enwa ke ya tswileng pele.

29. Eitse ha a honyetsa letsoho la hae, ngwanabo a hlaha: yaba mmelehisi o re: O a monyoha jwang? Monyoho ke wa hao. A mo rea lebitso la Peretse (monyoho).

30. Kamorao ha hlaha ngwanabo, ya rwetseng tshwele e kgubedu letsohong la hae, mme a mo rea lebitso la Sera (ho benya).