Genese

  1. 1
  2. 2
  3. 3
  4. 4
  5. 5
  6. 6
  7. 7
  8. 8
  9. 9
  10. 10
  11. 11
  12. 12
  13. 13
  14. 14
  15. 15
  16. 16
  17. 17
  18. 18
  19. 19
  20. 20
  21. 21
  22. 22
  23. 23
  24. 24
  25. 25
  26. 26
  27. 27
  28. 28
  29. 29
  30. 30
  31. 31
  32. 32
  33. 33
  34. 34
  35. 35
  36. 36
  37. 37
  38. 38
  39. 39
  40. 40
  41. 41
  42. 42
  43. 43
  44. 44
  45. 45
  46. 46
  47. 47
  48. 48
  49. 49
  50. 50

BIBELE e Halalelang

Genese 29 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

Jakobo ha a le ha Labane. — O nyala Lea le Ragele. — Bana ba Jakobo.

1. Yaba Jakobo o tswela pele, a ya naheng ya bana ba Botjhabela.

2. Jwale a tadima, a bona sediba naheng, a bona mehlape e meraro ya dinku e bothileng pela sona, hobane mehlape e ne e noswa sedibeng seo; letlapa le neng le beilwe hodima molomo wa sediba le ne le le leholo.

3. Mehlape kaofela e ne e buswa e bokellelwa teng, mme letlapa le ne le ribollwa hodima molomo wa sediba, ho tle ho noswe mehlape; eba letlapa le busetswa tulong tsa lona hodima molomo wa sediba.

4. Yaba Jakobo o re ho bona: Banabeso, le ba kae? Ba re: Re ba Kharane.

5. Yaba o re ho badisa: A le tseba Labane, mora wa Nakore? Ba re: Re a mo tseba.

6. A re: O ntse a phela hantle, na? Ba re: O ntse a phela hantle, mme Ragele, moradi wa hae, ke enwa ya tlang le mohlape.

7. Yaba o re: Bonang, e sa le motshehare o moholo, ha e eso ho be nako ya ho phutha mehlape; nosang dinku, le tswe le ya di alosa.

8. Ba re: Re a sitwa, haele mona mehlape kaofela e eso ho phuthehe, ho tswe ho ribollwa letlapa le hodima molomo wa sediba, e le hona re nosang dinku.

9. A re a sa ntse a bua le bona, Ragele a fihla le dinku tsa ntatae, hobane e ne e le yena ya di disang.

10. Eitse ha Jakobo a bona Ragele, moradi wa Labane, kgaitsedi ya mmae, le dinku tsa Labane, kgaitsedi ya mmae, Jakobo a atamela, a ribolla letlapa le leng hodima molomo wa sediba, a nosa dinku tsa Labane, malomae.

11. Jakobo a aka Ragele, a phahamisa lentswe la hae, a lla.

12. Jakobo a bolella Ragele hoba ke yena wabo ntatae, le hore ke mora wa Rebeka; ya ba o matha, a tsebisa ntatae.

13. Yare ha Labane a utlwa ditaba tsa Jakobo, mora kgaitsedie, a titima, a mo kgahlanyetsa, a mo phothoma, a mo aka, a mo tlisa ka tlung ya hae. Yaba o bolella Labane ditaba tseo kaofela.

14. Labane a re ho yena: Efela o lesapo la ka le nama ya ka! Jakobo a dula ho yena matsatsi a kgwedi.

15. Yaba Labane o re ho Jakobo: Haele moo o le ngwaneso, na o tla ntshebeletsa feela? Ako mpolelle hore moputso wa hao e tla ba eng?

16. Labane o ne a na le baradi ba babedi, lebitso la e moholo e le Lea, lebitso la e monyenyane e le Ragele.

17. Lea o ne a na le mahlo a fokolang, empa Ragele o ne a bopehile hantle, a le motle ho bonweng.

18. Jakobo a rata Ragele, a re: Ke tla o sebeletsa ka dilemo tse supileng, ha o ka nnea Ragele, moradi wa hao e monyenyane.

19. Labane a re: Ho molemo ha nka o nea yena ho fetisa ha nka mo nea monna e mong; itulele ha ka.

20. Jakobo a nna a sebelletsa Ragele ka dilemo tse supileng, mme tsa eba ho yena jwaloka matsatsi a seng makae, kahobane a ne a mo rata.

21. Yaba Jakobo o re ho Labane: Nnee mosadi wa ka, ke tle ke tle ho yena, hobane matsatsi a ka a phethahetse.

22. Yaba Labane o lalletsa batho ba teng kaofela, a etsa mokete.

23. Eitse ha ho phirimile, a nka Lea, moradi wa hae, a mo isa ho yena, mme Jakobo a ya ho yena.

24. Labane a nka Silpa, lekgabunyane la hae, a mo nea Lea, moradi wa hae, hore e be lefielo la hae.

25. Yare ha bo esa, Jakobo a tshoha ha a bona hoba ke Lea, mme a re ho Labane: Ke taba e jwang eo o nkentseng yona? Ha ke a ka ka o sebeletsa bakeng sa Ragele na? Ke ka baka lang ha o nkgohlisitse na?

26. Labane a re: Ha ho ke ho etswa jwalo mona haeso, hore e monyenyane a ntshwe pele ho e moholo.

27. Qeta veke ya enwa, mme re tla o nea le yane hodima tshebeletso eo o tlang ho ntshebeletsa ka yona ka dilemo tse ding tse supileng.

28. Jakobo a etsa jwalo, a qeta veke ya Lea; yaba Labane o mo nea Ragele, moradi wa hae, hore e be mosadi wa hae.

29. Labane a nea Ragele, moradi wa hae, Bilha, lekgabunyane la hae, hore e be lefielo la hae.

30. Jakobo a ba a ya le ho Ragele; a mpa a rata Ragele ho feta Lea; mme a boela a sebeletsa Labane ka dilemo tse ding tse supileng.

31. Jehova a bona hoba Lea o hloilwe, mme a mo thibolla popelo: empa Ragele ya eba nyopa.

32. Lea a emola, a tswala mora, a mo rea lebitso la Rubene (bonang mora), kahobane a ne a re: Jehova o tadimile ho hlora ha ka, mme jwale monna wa ka o tla nthata.

33. A boela a emola, a tswala mora, a re: Kahobane Jehova o utlwile hore ke hloilwe, o boetse o nneile le enwa; mme a mo rea lebitso la Simeone (kutlo).

34. A boela a emola, a tswala mora, a re: Jwale, lekgetlo lena monna wa ka o tla kgomarelana le nna, hobane ke mo tswaletse bara ba bararo. Ka baka lena, a rewa lebitso la Levi (kgomarelano).

35. A ba a emola hape, a tswala mora, a re: Kajeno, ke tla boka Jehova. Ka baka lena, a mo rea lebitso la Juda (poko ya Jehova). Yaba o dula ho beleha.