1. Jobo a fetola, a re:
2. Hoja ho ka lekanngwa bohloko ba ka; hoja le bomadimabe ba ka le bona bo ne bo ka bewa sekaleng!
3. bo ne bo tla fetisa lehlabathe la lewatle ka boima; ke ka baka leo mantswe a ka a rwalletseng.
4. Metsu ya Ya matla wohle e ntlhabile, mme pelo ya ka e noswa mahloko a yona; matsoso a Modimo a hlopholohile ho ntwantsha.
5. Na pitsi e ka lla pela jwang? Kapa kgomo e ka bokolla pela furu ya yona?
6. Se tapileng a se ka jewa ha ho se na letswai? Na mothwebe o mosweu wa lehe a o na le ho utlwahala na?
7. Moya wa ka o hana ho di ama; ho nna ke dijo tse manyala.
8. Oho! Hola kopo ya ka e be e ka etsahala, mme Modimo wa nnea se lebeletsweng ke nna!
9. Hola Modimo o ka dumela ho nthubakanya, wa otlolla letsoho la wona, wa mpolaya.
10. E ne e tla ba tshediso ho nna; e, ke ne ke tla thaba bohlokong bona bo tshabehang; hobane ha ke a ka ka tlola ditaelo tsa Ya halalelang!
11. Matla a ka keng hore ke be le tshepo? Tshepo ya ka keng hore ke tle ke mamelle?
12. Na matla a ka ke matla a lejwe na? Mmele wa ka a ke koporo na?
13. Ha ke re, ha ho kamoo nka thuswang kateng? Ha ke re, topollo yohle e hole le nna?
14. Motswalle wa ya swabileng e ka kgona a mmontshe lerato; ha ho se jwalo a ka tshoha a lesa ho tshaba Ya matla wohle.
15. Banabeso ba tletse thetso jwaloka phororo, jwaloka metsi a molatswana a nyamellang;
16. a ba maduke ke leqhwa, mme lehlwa le itihela teng.
17. A timela mohla ho futhumetseng, a monyela ha letsatsi le tjhesa.
18. Metjha ya ho matha ha wona e a dikadika; a fetoha mowane, a fela.
19. Makaba a Thema a a batla, dihlopha tsa baeti ba Seba di bea tshepo ya tsona teng.
20. Ba hlajwa ke dihlong tshepong ya bona; ha ba fihla teng, ba swaba.
21. Ho dutse jwalo le lona, ha le letho; le bona bomadimabe ba ka, mme le a tshoha.
22. Hleka ke itse: Mpheng? kapa: Mphomosetseng ka ntho ya monono wa lona,
23. le be le nnamolele letsohong la sera, le ntopolle letsohong la batubi na?
24. Nthuteng, ke tla kgutsa; le ntlhalosetse moo ke fositseng teng.
25. Puo tsa nnete di matla hakakang! Empa dikgalemelo tsa lona di kgalemela eng na?
26. Na a ke dipolelo tsa ka tseo le ratang ho di kgalemela na? Na ditaba tsa ya tsherehaneng, na ke moya feela o yang le tsona na?
27. Le mpa le le ba ka akgelang letlowa hodima kgutsana, le ho rekisa ka motswalle wa lona.
28. Jwale, le mpeng le ntadime, mme mahlo a lona a tla bona ha ke le leshano.
29. Kgutlang hle! ho sa lokang ho be siyo! Kgutlang, taba ya ka e sa lokile le jwale.
30. Hleka le re, ho sa lokang ho teng lelemeng la ka, kapa na mahalapa a ka ha a tsebe ho kgetha bokgopo na?