Jobo

  1. 1
  2. 2
  3. 3
  4. 4
  5. 5
  6. 6
  7. 7
  8. 8
  9. 9
  10. 10
  11. 11
  12. 12
  13. 13
  14. 14
  15. 15
  16. 16
  17. 17
  18. 18
  19. 19
  20. 20
  21. 21
  22. 22
  23. 23
  24. 24
  25. 25
  26. 26
  27. 27
  28. 28
  29. 29
  30. 30
  31. 31
  32. 32
  33. 33
  34. 34
  35. 35
  36. 36
  37. 37
  38. 38
  39. 39
  40. 40
  41. 41
  42. 42

BIBELE e Halalelang

Jobo 37 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Pelo ya ka e tshohile ke hona, e sisimoloha tulong tsa yona!

2. Utlwang! utlwang ho duma ha lentswe la wona, le modumo o tswang molomong wa wona!

3. O le utlwahatsa hohle sebakeng sa lehodimo, o betsa mahadima a wona ho isa pheletsong tsa lefatshe.

4. Mme hanghang, lentswe la wona le a duma, o duma ka lentswe la boholo ba wona; ha o ke o thiba mahadima, ha lentswe la wona le utlwahala.

5. Modimo o duma ka lentswe le tshabehang, o etsa dintho tse kgolo tseo re sitwang ho di utlwisisa.

6. O re ho lehlwa: Kgethehela lefatsheng! O rialo le ho pula le ho dikgohola tse kgolo.

7. Eba moo o kokobanyang matsoho a batho bohle, hore batho kaofela, bao o ba bopileng, ba tle ba o tsebe.

8. Dibatana le tsona di hahabela matsabeng a tsona, di botha mesimeng ya tsona.

9. Sefefo se tswa borwa, mme moya o tswang leboya o tlisa serame.

10. Ka pudulo ya Modimo, ho hlaha leqhwa, metsi a matsha a hwama.

11. Hape, o belesa maru ka metsi, o mathisa maru a tletseng letolo;

12. mme wona a iphetolele kahohle kamoo o a laelang kateng, a tle a sebetse hohle hoo o ho laetseng lebaleng la lefatshe;

13. e ka thupa e otlang lefatshe ha le ena le molato, mohlomong o a tsamaise ho hlohonolofatsa ka wona.

14. Oho Jobo, sekehela taba tseo ditsebe tsa hao; ema, o nahane mehlolo ya Modimo.

15. Na o tseba kamoo Modimo o di hlahisang kateng; kamoo o rerang lesedi la maru a wona kateng hore le hadime na?

16. Na o utlwisisa ho ebesela ha maru? Na o utlwisisa bohlale ba wona bo phethehileng?

17. Na o utlwisisa kamoo diaparo tsa hao di nkang mofuthumela kateng, ha o etsa lefatshe lebatama ka moya wa borwa na?

18. Na o ka tseba ho ala sebaka sa lehodimo hammoho le wona, wa se fa bothata ba seipone sa tshepe e tsholotsweng na?

19. O re rute seo re ka se buang ho wona; hobane re sitwa ho bua ka baka la ho se tsebe ha rona!

20. Na o tla bolellwa hore ke rata ho o buisa? Na ke mang ya ka lakatsang ho timetswa?

21. Efela motho o sitwa ho tadima letsatsi, ha le kganya sebakeng sa lehodimo, ha moya o se o fetile, mme o se o fietse;

22. leboya le a le kgantsha jwaloka kgauta. Modimo o okametse tsohle jwalo ka kganya e tshabehang!

23. Re ke ke ra finyella ho Ya matla wohle; o phahamile ka matla le ka toka, le ka ho loka ho sa kgelosweng.

24. Ka baka leo, batho ba tshwanetse ho hlonepha Modimo; haele wona, ha o tadime le a mong ho ba bohlale.