Jobo

  1. 1
  2. 2
  3. 3
  4. 4
  5. 5
  6. 6
  7. 7
  8. 8
  9. 9
  10. 10
  11. 11
  12. 12
  13. 13
  14. 14
  15. 15
  16. 16
  17. 17
  18. 18
  19. 19
  20. 20
  21. 21
  22. 22
  23. 23
  24. 24
  25. 25
  26. 26
  27. 27
  28. 28
  29. 29
  30. 30
  31. 31
  32. 32
  33. 33
  34. 34
  35. 35
  36. 36
  37. 37
  38. 38
  39. 39
  40. 40
  41. 41
  42. 42

BIBELE e Halalelang

Jobo 40 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Jehova a boela a bua le Jobo, a re:

2. Na modumadumi o sa tseka le Ya matla wohle na? Ya pheileng kgang le Modimo a ke a arabe jwale!

3. Yaba Jobo o arabela Jehova, a re:

4. Bona ke motho feela, nka reng ho wena na? Ke bea letsoho la ka molomong.

5. Ke buile hang, nke ke ka hlola ke araba letho; ke phetile la bobedi, ha ke sa tla hlola ke eketsa letho.

6. Yaba Jehova o fetola Jobo, a le sefefong, a re:

7. Ako itlame letheka, jwaloka monna; ke tla o botsa, o ke o nthute.

8. Na o fela o rata ho senya kahlolo ya ka? O rata ho ntswa hore o itokafatse na?

9. A o na le letsoho le kang la Modimo? Lentswe la hao na le ka duma jwaloka la wona na?

10. O ikapesa jwaloka boholo le ka bokgabane, o ikgabise ka kganya le ka botle!

11. O tshele dikgapatso tsa kgalefo ya hao, o tadime baikgohomosi bohle ho ba kokobetsa hang!

12. Tadima baikgantshi, o ba dihe; o hatakele ba bolotsana moo ba emeng teng.

13. O ba pate kaofela leroleng, o epele difahleho tsa bona lebitleng.

14. Ke moo le nna ke tla o rorisa, ke re, letsoho le letona la hao le o bolokile.

15. Tadima jwale Behemothe (kubu), eo ke e entseng jwalokaha ke o entse. E fula jwang jwaloka kgomo.

16. Bona, jwale, matla a matheka a yona, le bothata ba mesifa ya mpa ya yona.

17. E sisinya mohatla, e o tiisa jwaloka kedare; mesifa ya dirope tsa yona e lohilwe hammoho;

18. masapo a yona a ka dipompo tsa koporo, mme dikgopo tsa yona di jwaloka ditshiya tsa tshepe.

19. Ke mosebetsi o fetisisang wa Modimo; ya e bopileng o e neile lerumo.

20. E ikgella dijo tsa yona dithabeng, moo diphoofolo tsa naha di ipapallang teng.

21. E ithoballa meriting ya difate tsa lotuse, mosemeng le mahlakeng.

22. Difate tsa lotuse di e etsetsa moriti, meduwane ya noka e e kopela hare.

23. Bona, dinoka leha di ka tlala, ha e tshohe letho; e ke ke ya makala, leha Jordane e ka kgokoloha hodima hlooho ya yona.

24. Na o tla leka ho e tshwara, e fadimehile, kapa o e phunye nko, o tle o e holehe na?