Jobo

  1. 1
  2. 2
  3. 3
  4. 4
  5. 5
  6. 6
  7. 7
  8. 8
  9. 9
  10. 10
  11. 11
  12. 12
  13. 13
  14. 14
  15. 15
  16. 16
  17. 17
  18. 18
  19. 19
  20. 20
  21. 21
  22. 22
  23. 23
  24. 24
  25. 25
  26. 26
  27. 27
  28. 28
  29. 29
  30. 30
  31. 31
  32. 32
  33. 33
  34. 34
  35. 35
  36. 36
  37. 37
  38. 38
  39. 39
  40. 40
  41. 41
  42. 42

BIBELE e Halalelang

Jobo 26 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

Jobo o boela a ikarabela.

1. Jobo a fetola, a re:

2. O thusitse hakaakang ya se nang matla! O tiisitse hakaakang letsoho le tepeletseng!

3. O eleditse hakaakang ya hlokang hlalefo, mme o boletse tsebo ya sebele hakaakang!

4. Taba tseo o di bolella mang? Ke moya wa mang o tswang molomong wa hao?

5. Diriti di thothomela katlasa metsi le ba ahileng ho wona.

6. Nqalo ya bafu e feela pela wona; ho wona bodiba ha bo na tshirelo.

7. O ne o ale boputswa ba leboya hodima sebaka se feela, wa fanyeha lefatshe hodima bodiba.

8. O thibela metsi marung a wona, mme maru ha a phatlohe ka boima ba wona.

9. O kwahela metheo ya terone ya wona, o e apesa ka maru a wona.

10. O dikadikeditse sebaka sa metsi ka sedikwadikwe, ho kgutla moo lesedi la arohanang le lefifi.

11. Ditshiya tsa mahodimo di a tlakasela, di sisimoloha ka kgalemelo ya wona.

12. Ka matla a wona a kokomosa lewatle, ka bohlale ba wona o kokobetsa ho phahama ha lona.

13. Pudulo ya wona e edisa mahodimo; letsoho la wona le hlaba drakone e lebelo. Bonang, tseo ke bokantle ba ditsela tsa wona;

14. ka ditsebe tsa rona re utlwa wewetso e nyenyane ya tsona. Empa seaduma sa matla a wona, ke mang ya ka se utlwang?