Jobo

  1. 1
  2. 2
  3. 3
  4. 4
  5. 5
  6. 6
  7. 7
  8. 8
  9. 9
  10. 10
  11. 11
  12. 12
  13. 13
  14. 14
  15. 15
  16. 16
  17. 17
  18. 18
  19. 19
  20. 20
  21. 21
  22. 22
  23. 23
  24. 24
  25. 25
  26. 26
  27. 27
  28. 28
  29. 29
  30. 30
  31. 31
  32. 32
  33. 33
  34. 34
  35. 35
  36. 36
  37. 37
  38. 38
  39. 39
  40. 40
  41. 41
  42. 42

BIBELE e Halalelang

Jobo 12 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

Jobo o ikarabela hape.

1. Jobo a boela a fetola, a re:

2. Kannete, lona le banna! mme bohlale bo ya shwa le lona?

3. Le nna hle ke na le pelo jwaloka lona, ha ke monyenyane ho lona! Ditaba tseo, ke mang ya sa di tsebeng na?

4. Ke fetohile sesomo ho metswalle ya ka, ha ke kopa thuso ho Modimo; e, ke sesomo ke le ya lokileng, ya se nang molato.

5. Bomadimabe bo loketswe ke nyediso, ha ho hopola baiketli; o lebeletse eo leoto la hae le batlang ho thella.

6. Boiketlo bo ditenteng tsa basenyi, kgotso e teng ho ba sa reng letho ka Modimo, bao matla a bona e leng modimo wa bona.

7. O mpe o botse dikgomo, di tle di o rute; le dinonyana tsa lehodimo, di tle di o bolelle!

8. Mohlomong o botse lefatshe, le tle le o rute, le dihlapi tsa lewatle, di tle di o qaqisetse.

9. Ka tsona tsohle, ke mang ya ka hanang ho bona hoba letsoho la Jehova le entse ntho tseo kaofela;

10. eo meya ya tse phelang kaofela e leng letsohong la hae, le phefumoloho ya batho bohle?

11. Ha ke re, tsebe e ka nna ya kgetha dipolelo, jwaloka mahalapa ha a tseba ho kgetha dijo na?

12. Maqheku a na le bohlale, dilemo tse ngata di na le kutlwisiso.

13. Ho wona Modimo ho dutse bohlale le matla; o na le kelello le kutlwisiso.

14. Bona, ha o senya, ha ho ya ka tsosang; ha o ka kwalla motho, ha ho ya ka mo bulelang.

15. Bona, o thibela metsi, a pshe; o boele o a tlohele, mme lefatshe le senyehe.

16. Ho wona ho dutse matla le bohlale; ya kgelohileng le ya kgelosang ba matleng a wona.

17. O isa baeletsi kgolehong ba hlobodisitswe, o tsietsa baahlodi;

18. o roba molamu wa marena, o tlama matheka a wona ka mehala.

19. O isa baprista kgolehong ba hlobodisitswe, o diha ba matla;

20. ba tsebang ho bua o ba hlokisa ditaba, o amoha baholo kahlolo;

21. o tshela dihlong hodima mahosana, o lokolla senyepa sa ba matla.

22. O senola makunutu a patilweng lefifing; o hlahisa moriti wa lefu leseding.

23. O atisa ditjhaba, o boele o di senye; o namisa ditjhaba, o boele o di kgutlisetse morao.

24. O tlosa kutlwisiso ho marena a ditjhaba; o ba dikadikisa dibakeng moo tsela e leng siyo;

25. ba phopholetsa lefifing ho se lesedi, mme o ba diadieisa jwaloka batho ba tahilweng.