Jobo

  1. 1
  2. 2
  3. 3
  4. 4
  5. 5
  6. 6
  7. 7
  8. 8
  9. 9
  10. 10
  11. 11
  12. 12
  13. 13
  14. 14
  15. 15
  16. 16
  17. 17
  18. 18
  19. 19
  20. 20
  21. 21
  22. 22
  23. 23
  24. 24
  25. 25
  26. 26
  27. 27
  28. 28
  29. 29
  30. 30
  31. 31
  32. 32
  33. 33
  34. 34
  35. 35
  36. 36
  37. 37
  38. 38
  39. 39
  40. 40
  41. 41
  42. 42

BIBELE e Halalelang

Jobo 22 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

Phetolo ya boraro ya Elifase.

1. Elifase wa Themane a boela a fetola, a re:

2. Na motho a ka etsetsa Modimo molemo ka ntho e nngwe na? Tjhe, le ho leka; motho ya bohlale o molemo ho yena a nnotshi.

3. Ya matla wohle na a ka bona molemo ka ho loka ha hao, mohlomong a be le leruo ha mekgwa ya hao e lokile na?

4. Na o ya o laya ka hobane o a mo tshaba, kapa na a ka isana kahlolong le wena na?

5. Ha ke re, bobe ba hao bo a tshabeha, ditlolo tsa hao di hloka palo na?

6. Hobane o nkile tebeletso ho wa heno feelafeela; o hlobodisitse bahloki, wa nka dikobo tsa bona;

7. ha o a ka wa nea motho ya nyorilweng metsi, mme o hanetse ya lapileng le bohobe ba hao;

8. naha e ne e ruwa ke ya matla, ho ne ho aha teng motho ya hlomphuwang;

9. o ne o kgutlisa basadi ba bahlolohadi ba le feela, o ne o lesa letsoho la dikgutsana ho robeha.

10. Ke ka baka leo o kopilweng ke difi, mme botshabeho bo o tshosa hang;

11. kapa na ha o bone lefifi le morwallo wa metsi a o apesang?

12. Na Modimo ha o a phahama jwaloka lehodimo na? Tadima bohodimo ba dinaledi, bo hole hakakang!

13. Mme o re: Modimo o ka tseba eng? Na o ka ahlola, mahlo a wona a phunya lefifi na?

14. Maru a o kwahetse hore o sitwe ho bona; bokgwidikweng ba lehodimo, ke moo o haolang teng.

15. Na o rata ho nka tsela ya kgale e hatilweng ke ba babe na?

16. Athe ba tlositswe ho eso ho be nako, boahello ba bona ba nkilwe ke morwallo;

17. ba ne ba re ho Modimo: Sutha ho rona! Na Ya matla wohle a ka etsang bakeng sa rona na?

18. Kanthe o ne o tlatsitse matlo a bona ka menono. Maikutlo a ba bolotsana a be hole le nna.

19. Ba lokileng ba bona hoo, mme ba thaba; ya se nang molato o tsheha ka bona, o re:

20. E, bao e leng dira ho rona ba fedile, mollo o tjhesitse bokgabane ba bona.

21. Ka baka leo, o etse setswalle le Modimo, mme o tla bona kgotso; ka mokgwa o jwalo, leseho le tla tla ho wena.

22. Ako amohele thuto e tswang molomong wa wona, o kenye dipolelo tsa wona pelong ya hao.

23. Ha o ka kgutlela ho Ya matla wohle, o tla boela o tsoswe; feela, o leleke bokgopo tenteng ya hao.

24. O lahlele kgauta leroleng, le kgauta ya Ofire majweng a molatswana.

25. Ke hona Ya matla wohle ho wena e tla ba qubu ya kgauta le silefera e benyang haholo;

26. hobane moo o tla fumana thabo ho Ya matla wohle, o emisetse sefahleho sa hao ho Modimo.

27. O tla o rapela, mme o tla o utlwa; o tla phetha dikano tsa hao.

28. Ha o ka rera taba e nngwe, e tla o hlahela, lesedi le kganye tseleng ya hao.

29. Leha o ka tsamaya boikokobetsong, o tla ikopela matla a ho itsosa. O boloka motho ya ikokobetsang;

30. esita le ya sa hlokeng molato o tla mo namolela ka baka la bosweu ba matsoho a hao!