Eksoda

  1. 1
  2. 2
  3. 3
  4. 4
  5. 5
  6. 6
  7. 7
  8. 8
  9. 9
  10. 10
  11. 11
  12. 12
  13. 13
  14. 14
  15. 15
  16. 16
  17. 17
  18. 18
  19. 19
  20. 20
  21. 21
  22. 22
  23. 23
  24. 24
  25. 25
  26. 26
  27. 27
  28. 28
  29. 29
  30. 30
  31. 31
  32. 32
  33. 33
  34. 34
  35. 35
  36. 36
  37. 37
  38. 38
  39. 39
  40. 40

BIBELE e Halalelang

Eksoda 33 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Yaba Jehova o re ho Moshe: Tloha le setjhaba seo o se ntshitseng fatsheng la Egepeta, le ye fatsheng leo ke le hlapanyeditseng Abrahama, le Isaaka, le Jakobo, ka re: Ke tla le nea ditloholo tsa hao.

2. Ke tla roma lengeloi le tla o etella pele, ke leleke Bakanana, le Baamore, le Bahethe, le Baferese, le Baheve, le Bajebuse;

3. ke lefatshe le kollang lebese le dinotshi. Hobane nna, nke ke ka nyoloha le wena, hobane o setjhaba se melala e sataletseng, esere mohlomong ka o timetsa tseleng.

4. Setjhaba sa utlwa lentswe leo le tshabehang, sa lla, mme ba se ke ba ikgabisa ka dikgabiso tsa bona.

5. Hobane Jehova o ne a itse ho Moshe: E re ho bana ba Iseraele: Le setjhaba se melala e sataletseng; hoja nka tsamaya ho se hokae le wena, ke be nka o timetsa; jwale, rola dikgabiso tsa hao, ke tle ke tsebe hore na ke tla o etsa jwang.

6. Ka mokgwa oo, bana ba Iseraele ba rola dikgabiso tsa bona ho tloha thabeng ya Horebe.

7. Moshe a nka tente, a itlhomela yona kantle ho diahelo, hole le diahelo; a e bitsa tente ya pokano; mang le mang ya batlang Jehova, o ne a tswela tenteng ya pokano e kantle ho diahelo.

8. Enere ha Moshe a tswela tenteng, batho bohle ba ne ba raoha, ba eme e mong le e mong monyako wa tente ya hae; ba ise mahlo ho Moshe ho fihlela ha a kena tenteng.

9. Enere hobane Moshe a kene tenteng, topallo ya leru e ne e theoha, e eme monyako wa tente, mme Jehova o ne a bua le Moshe teng.

10. Topallo ya leru e ne e bonwa ke setjhaba kaofela ha e ema monyako wa tente, mme setjhaba kaofela se ne se ema, mme ba kgumama e mong le e mong monyako wa tente ya hae.

11. Jehova o ne a bua le Moshe ba tadimane difahleho, ka mokgwa oo motho a buang le motswalle wa hae ka wona, o ntoo kgutlela diahelong; haele mohlanka wa hae, Joshua, mora Nune, wa mohlankana, o ne a sa tlohe tenteng.

12. Yaba Moshe o re ho Jehova: Bona, o itse ho nna: Tsamaisa setjhaba sena, empa ha o a ka wa ntsebisa eo o tla mo roma ho ya le nna, leha o fela o itse: Ke o tseba ka lebitso la hao, o bile o bone mohau ho nna.

13. Jwale hle, ha ekaba ke bone mohau ho wena, o tle o ntsebise le ditsela tsa hao, ke tle ke o tsebe, ke fele ke bone mohau ho wena; mme o bone hoba tjhaba sena ke setjhaba sa hao.

14. Jehova a re: Sefahleho sa ka se tla ya, mme ke tla o phomotsa.

15. Moshe a re ho yena: Ha sefahleho sa hao se sa ye le rona, o se ke wa re tlosa mona.

16. Ho tla tsejwa kang hoba ke bone mohau ho wena, nna le setjhaba sa hao?

17. Ha ke re, ke ha o ka tsamaya le rona, hore, nna le setjhaba sa hao re tle re kgethehe ho ditjhaba tsohle tse lefatsheng?

18. Jehova a re ho Moshe: Ke tla etsa le seo o se boletseng, hobane o bone mohau ho nna, mme ke o tsebile ka lebitso la hao. Moshe a re: Ako mpontshe sefahleho sa hao.

19. Jehova a re: Ke tla fetisa molemo wohle wa ka pontsheng ya hao; ke bolele lebitso la Jehova pela hao; ke tla hauhela eo ke mo hauhelang, ke rekolohele eo ke mo rekolohelang.

20. Hape a re: O ke ke wa bona sefahlelo sa ka, hobane ha ho motho ya ka mponang, mme a phela.

21. Jehova a boela a re: Bona, ho na le sebaka se seng pela ka; o tla ema lefikeng.

22. Etlare ha kganya ya ka e feta, ke tla o kenya lefarung la lefika, ke o kgurumetse ka letsoho la ka, ho fihlela ke ba ke feta.

23. Ke ntoo tlosa letsoho la ka, mme o tla mpona kamorao; empa sefahleho sa ka, sona ha se na ho bonwa.