Eksoda

  1. 1
  2. 2
  3. 3
  4. 4
  5. 5
  6. 6
  7. 7
  8. 8
  9. 9
  10. 10
  11. 11
  12. 12
  13. 13
  14. 14
  15. 15
  16. 16
  17. 17
  18. 18
  19. 19
  20. 20
  21. 21
  22. 22
  23. 23
  24. 24
  25. 25
  26. 26
  27. 27
  28. 28
  29. 29
  30. 30
  31. 31
  32. 32
  33. 33
  34. 34
  35. 35
  36. 36
  37. 37
  38. 38
  39. 39
  40. 40

BIBELE e Halalelang

Eksoda 20 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

Melao e shome.

1. Yaba Modimo o bolela mantswe ana kaofela, wa re:

2. Ke nna Jehova, Modimo wa hao, o o ntshitseng lefatsheng la Egepeta, tlung ya bohlanka.

3. O se ke wa ba le medimo e meng pela sefahleho sa ka.

4. O se ke wa iketsetsa setshwantsho se betlilweng, leha e le setshwantsho se le seng sa tse hodimo mahodimong, leha e le sa tse tlase lefatsheng, leha e le sa tse metsing katlase ho lefatshe.

5. O se ke wa di kgumamela, o se ke wa di sebeletsa: hobane nna Jehova, Modimo wa hao, ke Modimo o boulelang, o otlang bana ka bokgopo ba batswadi ba bona ho isa molokong wa boraro le wa bone wa ba ntlhoyang;

6. empa ke hauhela ba nthatang, ba bolokang melao ya ka, ho isa melokong e sekete.

7. O se ke wa tlaela ka lebitso la Jehova, Modimo wa hao, hobane Jehova a ke ke a latola molato wa ya tlaelang ka lebitso la hae.

8. Hopola letsatsi la phomolo ho le kgetha.

9. O tla sebetsa ka matsatsi a tsheletseng, mme o etse mosebetsi wa hao kaofela.

10. Empa letsatsi la bosupa ke phomolo ya Jehova, Modimo wa hao; o se ke wa etsa mosebetsi le o mong ka letsatsi leo, leha e le wena, leha e le mora wa hao, leha e le moradi wa hao, leha e le mohlanka wa hao e motona, leha e le e motshehadi, leha e le kgomo tsa hao, leha e le moeti wa hao ya ka menyakong ya hao.

11. Hobane ka matsatsi a tsheletseng, Jehova o ne a etse mahodimo, le lefatshe, le lewatle, le dintho tsohle tse ho tsona, mme a phomola ka letsatsi la bosupa; ka baka lena, Jehova o hlohonolofaditse letsatsi la phomolo, mme o le beile le kgethehileng.

12. Hlonepha ntatao le mmao, matsatsi a hao a tle a eketsehe lefatsheng leo o le newang ke Jehova, Modimo wa hao.

13. O se ke wa bolaya.

14. O se ke wa feba.

15. O se ke wa utswa.

16. O se ke wa etselletsa wa heno ka leshano.

17. O se ke wa lakatsa ntlo ya wa heno; o se ke wa lakatsa mosadi wa hae, leha e le mohlanka wa hae e motona, leha e le e motshehadi, leha e le kgomo ya hae, leha e le esele ya hae, leha e le ntho e nngwe e leng ya wa heno.

18. Setjhaba sohle se ne se tadimile se utlwa diaduma, le mahadima, le modumo wa terompeta, le thaba e ntse e kubella mosi; setjhaba eitse ha se bona tseo, sa thothomela, sa ikemela hole.

19. Ba re ho Moshe: Wena, bua le rona, mme re tla mamela, Modimo o mpe o se ke wa bua le rona, ra tshoha re eshwa.

20. Moshe a re ho setjhaba: Se tshoheng, feela ke Modimo o tlileng ho le leka, hore le nne le o tshabe, le tle le se ke la etsa sebe.

21. Setjhaba sa nna sa ema hole jwalo, Moshe yena a atamela pela leru le letenya moo Modimo o leng teng.

22. Jehova a re ho Moshe: Ere ho bana ba Iseraele: Le bone ha ke bua le lona ke le mahodimong.

23. Le se ka la iketsetsa medimo ya silefera, kapa medimo ya kgauta ho e bapisa le nna; le se ke la iketsetsa yona.

24. Hape, o nketsetse aletare ya mobu, eo o tla hlabela ho yona mahlabelo a hao a ditjheso le a diteboho, e leng nku tsa hao le kgomo tsa hao. Hohle moo ke tla o hopotsa lebitso la ka, ke tla tla ho wena teng, ke tle ke o hlohonolofatse.

25. Leha o ka nketsetsa aletare ya majwe, o se ke wa e haha ka majwe a betlilweng; hobane ha o ka tsamaisa tshepe lejweng, ke ho le silafatsa.

26. O se ke wa hlwa aletareng ya ka ka methati hore bofeela ba hao bo se ke ba apoha teng.