Eksoda

  1. 1
  2. 2
  3. 3
  4. 4
  5. 5
  6. 6
  7. 7
  8. 8
  9. 9
  10. 10
  11. 11
  12. 12
  13. 13
  14. 14
  15. 15
  16. 16
  17. 17
  18. 18
  19. 19
  20. 20
  21. 21
  22. 22
  23. 23
  24. 24
  25. 25
  26. 26
  27. 27
  28. 28
  29. 29
  30. 30
  31. 31
  32. 32
  33. 33
  34. 34
  35. 35
  36. 36
  37. 37
  38. 38
  39. 39
  40. 40

BIBELE e Halalelang

Eksoda 13 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

Taelo tsa Paseka le tsa matsibolo.

1. Jehova o bua le Moshe, a re:

2. Nkgethele matsibolo kaofela, tsohle tse qalang mpa hara bana ba Iseraele, leha e le a batho, leha e le a diphoofolo; ke a ka.

3. Moshe a re ho setjhaba: Elellwang letsatsi lena leo le tswileng ka lona Egepeta, tlung ya bohlanka, hobane Jehova o le ntshitse teng ka letsoho le matla; le se ke la ja se lomositsweng ka lona.

4. Le tswile ka tsatsi lena, ka kgwedi ya Abibe.

5. Etlere ha Jehova a le fihlisitse lefatsheng la Bakanana, le la Bahethe, le la Baamore, le la Baheve, le la Bajebuse, leo a hlapanyeditseng bontata lona hore o tla le nea lona, lefatshe le kollang lebese le dinotshi, le tle le etse mokgwa ona ka kgwedi ena.

6. Le je bohobe bo sa lomoswang ka matsatsi a supileng, mme tsatsi la bosupa ebe mokete wa Jehova.

7. Bohobe bo sa lomoswang bo jewe ka matsatsi a supileng, mme bohobe bo lomositsweng bo se ke ba bonwa ha hao, le ditomoso di se ke tsa bonwa ha hao naheng yohle ya hao.

8. O tla tsebisa mora hao ka tsatsi leo, o re: Hona ke kgopotso ya seo Jehova a nketseditseng sona, mohla ke tswang Egepeta.

9. E tla ba pontsho ho wena letsohong la hao, le kgopotso dipakeng tsa mahlo a hao, molao wa Modimo o tle o be molomong wa hao, hobane Jehova o o ntshitse Egepeta ka letsoho le matla.

10. O boloke taelo ena ka nako ya yona, ka mengwaha yohle.

11. Etlere ha Jehova a o fihlisitse naheng ya Bakanana, kamoo a le hlapanyeditseng wena le bontatao kateng, mme a o neile yona,

12. o tle o abele Jehova matsibolo wohle a batho, le matsibolo wohle a diphoofolo tse ho wena; tse tona ebe tsa Jehova.

13. Matsibolo kaofela a diesele o a lopolle ka konyana; ha o sa a lopolle, o a robe molala; matsibolo wohle a batho, baneng ba hao, o a lopolle.

14. Etlare ha mora hao a o botsa mehleng e tlang, a re: Taba ee e reng? o re ho yena: Jehova o re ntshitse ka letsoho le matla Egepeta, tlung ya bohlanka.

15. Enile ya re ha Faro a ntse a hana ho re lokolla, Jehova a bolaya matsibolo kaofela a naha ya Egepeta, ho tloha matsibolong a batho, ho isa matsibolong a diphoofolo; ke ka baka lena ke hlabelang Jehova matsibolo wohle a matona. Bara ba ka kaofela ba matsibolo ke a ba lopolla.

16. E tla ba pontsho letsohong la hao, le moqhaka dipakeng tsa mahlo a hao, hoba Jehova o na a re ntshe Egepeta ka letsoho le matla.

Ho uwa nqa feelleng. — Ho tshelwa lewatle le Lefubedu.

17. Eitse hoba Faro a lokolle setjhaba, Modimo ha o a ka wa ba tsamaisa ka tsela ya naha ya Bafiliseta, leha e ne e le haufi; hobane Modimo wa na wa re: E se re mohlomong setjhaba sa kweneha ha se bona ntwa, mme sa boela Egepeta.

18. Empa Modimo wa tsamaisa setjhaba ka tsela e potolohang e lebileng lefeelleng la Lewatle le Lefubedu. Bana ba Iseraele ba tswa naheng ya Egepeta ba hlometse.

19. Moshe a nka le masapo a Josefa; hobane Josefa o ne a hlapantshitse bana ba Iseraele, a re: Modimo o tla le etela ruri, mme le tle le tlohe kwano le nkile masapo a ka.

20. Yaba ba tloha Sukkothe, ba fihla ba hloma ditente Ethame, moeding wa lefeella.

21. Jehova o ne a ba eteletse pele ka topallo ya leru motshehare, ho ba bontsha tsela, le bosiu ka topallo ya mollo ho ba bonesetsa, hore ba tsamaye motshehare le bosiu.

22. Topallo ya leru e ne e sa suthe kapele ho setjhaba motshehare, leha e le topallo ya mollo bosiu.