Eksoda

  1. 1
  2. 2
  3. 3
  4. 4
  5. 5
  6. 6
  7. 7
  8. 8
  9. 9
  10. 10
  11. 11
  12. 12
  13. 13
  14. 14
  15. 15
  16. 16
  17. 17
  18. 18
  19. 19
  20. 20
  21. 21
  22. 22
  23. 23
  24. 24
  25. 25
  26. 26
  27. 27
  28. 28
  29. 29
  30. 30
  31. 31
  32. 32
  33. 33
  34. 34
  35. 35
  36. 36
  37. 37
  38. 38
  39. 39
  40. 40

BIBELE e Halalelang

Eksoda 18 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

Jethro o etela Moshe

1. Jethro, moprista wa Midiane, mohwehadi wa Moshe, a utlwa tsohle tseo Modimo o di etseditseng Moshe le Iseraele, setjhaba sa wona, le hoba Jehova o ntshitse Iseraele Egepeta.

2. Yaba Jethro, mohwehadi wa Moshe o nka Sefora, mosadi wa Moshe, eo a neng a mo rometse hae;

3. a nka le bara ba hae ba babedi, lebitso la e mong e le Gershome, hobane a na a itse: Ke bile mojaki naheng esele;

4. lebitso la e mong e le Eliesere, hobane a na a itse: Modimo wa ntate ebile thuso ya ka, mme o nnamoletse lerumong la Faro.

5. Jethro, mohwehadi wa Moshe, a tla le bara ba Moshe le mosadi wa hae ho yena lefeelleng, moo a neng a emisitse teng thabeng ya Modimo.

6. A tsebisa Moshe, a re: Nna, Jethro, mohwehadi wa hao, ke tla ho wena ke na le mosadi wa hao, le bara ba babedi ba hae bao a nang le bona.

7. Yaba Moshe o ya kgahlanyetsa mowehadi wa hae, a inama, a mo aka, mme hoba ba botsane tsa ho phela ha bona, ba ntoo kena tenteng.

8. Yaba Moshe o phetela mohwehadi wa hae tsohle tseo Jehova a di entseng ho Faro le ho Baegepeta ka baka la Iseraele, le ditsietsi tsohle tseo ba hlahetsweng ke tsona tseleng, le kamoo Jehova a ba ntshitseng ho tsona kateng.

9. Jethro a itumela ka baka la molemo wohle oo Jehova a o etseditseng Iseraele, ha a ba namoletse letsohong la Baegepeta.

10. Jethro a re: Ho bokwe Jehova ya le namoletseng letsohong la Baegepeta le letsohong la Faro, ya namoletseng setjhaba letsohong la Baegepeta.

11. Jwale, ke a tseba hobane Jehova o moholo ho medimo e meng kaofela, hobane o ba hlotse tabeng eo ba neng ba ikgantshitse ka yona.

12. Yaba Jethro, mohwehadi wa Moshe, o tlisetsa Modimo setjheso le mahlabelo, mme Aarone le baholo kaofela ba Iseraele ba tla ho tla ja bohobe le mohwehadi wa Moshe, pontsheng ya Modimo.

13. Hosasane, Moshe a dula ho ahlolela sejhaba; setjhaba sa ema pela Moshe ho qala hosasa, ho isa mantsiboya.

14. Eitse ha mohwehadi wa Moshe a bona tsohle tseo a di etsetsang setjhaba, a re: Taba eo o e etsetsang setjhaba ke efe? O dula o nnotshi ka baka lang, mme setjhaba sohle se emetseng pela hao ho qala hosasa ho fihlela mantsiboya?

15. Yaba Moshe o re ho mohwehadi wa hae: Ke hobane setjhaba se tla ho nna ho botsa Modimo.

16. Mohla ba nang le nyewe, ba ye ba tle ho nna, mme ke ye ke ahlolele e mong le e mong, ke ba tsebise ditaelo tsa Modimo le melao ya wona.

17. Yaba mohwehadi wa Moshe o re ho yena: Taba eo o e etsang ha e molemo.

18. O ta kgathala ruri, wena le setjhaba sena se nang le wena, hobane mosebetsi o ya o imela, o ka sitwa ho o phetha o nnotshi.

19. Mamela jwale lentswe la ka, ke o eletse, mme Modimo o be le wena! A e be wena ya emang pela Modimo bakeng sa setjhaba, e be wena ya isang ditaba ho Modimo.

20. O ba rute ditaelo le melao, o ba tsebise tsela eo e ka khonang ba ye ka yona, le seo ba tshwanetseng ho se etsa.

21. O ikgethele banna ba bohlale hara setjhaba, ba tshabang Modimo, banna ba sebele, ba ilang bokgonatha; o ba bee balaodi ba dikete, balaodi ba makgolo, balaodi ba mashome a mahlano le balaodi ba mashome.

22. Ba ahlolele setjhaba kamehla; nyewe tse kgolo kaofela ba di tlise ho wena, dinyewe tsohle tse nyenyane ba di ahlole e le bona, ba o imolle, ba jare hammoho le wena.

23. Ekare ha o ka etsa taba ena, mme Modimo ha o ka o laela yona, o tla tseba ho tiya, le setjhaba sena kaofela se tla finyella nqalong ya sona ka kgotso.

24. Yaba Moshe o mamela keletso ya mohwehadi wa hae, a etsa tsohle tseo a mmoleletseng tsona.

25. Moshe a kgetha hara Iseraele kaofela banna ba loketseng, a ba bea dihlooho tsa setjhaba, balaodi ba dikete, balaodi ba makgolo, balaodi ba mashome a mahlano, le balaodi ba mashome.

26. Ba nna ba ahlolela setjhaba kamehla; dinyewe tse thata ba di tlisa ho Moshe, empa dinyewe tsohle tse nyenyane ba di ahlola e le bona.

27. Moshe a ntoo dumedisana le mohwehadi wa hae, mme eo a boela naheng ya habo.