Eksoda

  1. 1
  2. 2
  3. 3
  4. 4
  5. 5
  6. 6
  7. 7
  8. 8
  9. 9
  10. 10
  11. 11
  12. 12
  13. 13
  14. 14
  15. 15
  16. 16
  17. 17
  18. 18
  19. 19
  20. 20
  21. 21
  22. 22
  23. 23
  24. 24
  25. 25
  26. 26
  27. 27
  28. 28
  29. 29
  30. 30
  31. 31
  32. 32
  33. 33
  34. 34
  35. 35
  36. 36
  37. 37
  38. 38
  39. 39
  40. 40

BIBELE e Halalelang

Eksoda 22 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

Melao e disang leruo la motho le mekgwa ya hae.

1. Ekare ha motho a utswa kgomo, kapa konyana, a e hlaba, kapa a rekisa ka yona, o tla busa kgomo tse hlano hodima kgomo, le dinku tse nne hodima konyana.

2. Ekare ha leshodu le tshwarwa le phunya, mme le bolawa le eshwa, ha ho molato wa madi ho ya le bolaileng.

3. Ekare ha letsatsi le ne le tjhabile, molato wa madi o tla ba teng; haele leshodu, le tla lefa ka tefo e shwetseng; ha le se na letho, ho tla rekiswa ka lona ho lefella kutso ya lona.

4. Ekare ha ntho e utswitsweng e fumanwa matsohong a lona e ntse e phela, kapa e leng kgomo, kapa esele, kapa konyana, o tla e lefa habedi.

5. Ha e mong a fudisitse tshimong kapa serapeng sa morara, mme a tlohetse kgomo tsa hae, tsa ya ja tshimo ya motho e mong, o tla lefa ka se setle sa tshimo ya hae le ka se setle sa morara wa hae.

6. Ekare ha hlaha e nama, mme e fumana meutlwa, kapa qubu ya mangata, kapa koro e ntseng e eme, kapa tshimo, e ba e etjha, ya tjhesitseng hlaha o tla lefa ka tefo e shwetseng.

7. Ekare ha motho a nea wa habo ditjhelete, kapa mesebetsi ho e boloka, mme e utsuwa tlung ya motho eo, ha leshodu le ka fumanwa, le tla lefa habedi.

8. Ha leshodu le sa fumanwe, monga ntlo o tla atamela pela Modimo, hore ho bonwe hore na ha a ka a isa letsoho mesebetsing ya wa habo na.

9. Haele tabeng efe le efe ya molato wa kgomo, kapa wa esele, kapa wa konyana, kapa wa seaparo, leha e ka ba wa ntho e lahlehileng eo ho ka thweng, ke yona ntho e tsekwang ke batho bao ba babedi, e tla tliswa pela Modimo; eo Modimo o tla re, o molato, o tla lefela wa habo habedi.

10. Ekare ha motho a nea wa habo esele, kapa kgomo, kapa konyana, leha e le phoofolo e nngwe ho e boloka, mme e eshwa, kapa e robeha setho, kapa e utsuwa ho sa bonwe motho;

11. kano ya ho ana ka Jehova e tla bewa mahareng a batho bao ba babedi, hore ho bonwe hore na ha a ka a isa letsoho nthong ya wa habo; monga yona o tla dumela kano, mme ha a ka ke a lefelwa letho.

12. Empa ha ho fihlelwa hoba phoofolo e kile ya utsuwa, o tla lefela monga yona.

13. Ha e fela e ne e harolwe, a hlahise bopaki; ha a na ho lefa se harotsweng.

14. Ekare ha motho a adimile phoofolo ho wa habo, mme ya tshoha e robeha setho, kapa ya eshwa, monga yona a le siyo, o tla e lefa.

15. Ha monga yona a ne a le teng, ha a na ho lefa; ha e ne e adimilwe, tefo ya kadimo e eme bakeng sa yona.

16. Ekare ha motho a thetsa morwetsana ya sa lebeletswang, mme a robala le yena, e ka kgona a mo etse mosadi wa hae, a be a mo ntshetse mpho.

17. Ha ntatae a hana ruri ho mo nea yena, o tla lefa ka tjhelete, kamoo serwala sa barwetsana se leng kateng.

18. O se ke wa tlohela moloi a phela.

19. Ya robalang le phoofolo, a bolawe.

20. Ya hlabelang medimo esele mahlabelo, kantle ho Jehova a nnotshi, a neelwe anathema.

21. O se ke wa hatakela le ho tuba moditjhaba, hobane le lona le bile baditjhaba lefatsheng la Egepeta.

22. Le se ke la tshwenya mosadi wa mohlolohadi, leha e le kgutsana.

23. Ekare ha o ba tshwenya, mme ba tla, ba howeletsa ho nna, ke tla mamela mehoeletso ya bona;

24. bohale ba ka bo tla tuka, mme ke tla le bolaya ka lerumo, basadi ba lona e be bahlolohadi, le bana ba lona e be dikgutsana.

25. Leha o adima e mong wa setjhaba sa ka tjhelete, kapa e leng mofutsana ya leng ha hao, o se ke wa mo etsa kamoo ho ka etsang ya adimelang phaello kateng; o se ke wa mo tlamela phaello.

26. Leha o ka nka seaparo sa wa heno ho se etsa tebeletso, o tle o e buse letsatsi le eso ho dikele;

27. hobane ha a na seaparo se seng; ke yona kobo ya hae ya ho apesa letlalo la hae. A ka robala kang? Leha a ka howeletsa ho nna, ke tla mo utlwa, hobane ke mohau.

28. O se ke wa rohaka Modimo wa hao; hape, o se ke wa nyefola morena wa setjhaba sa heno.

29. O se ke wa dieha ho ntsha lekgetho la seo modiko wa hao o tletseng sona, le la se rothang sehatelong sa hao. O tlo o nnee letsibolo la bara ba hao.

30. O etse jwalo le ka kgomo ya hao le ka nku ya hao; di tla dula le bomma tsona tshiu tse supileng; ka la boroba meno e le mmedi, o tla nnea tsona.

31. Ho nna le tla ba batho ba kgethehileng, mme le se ke la ja nama e harotsweng naheng; le tle le e akgele dintja.