Eksoda

  1. 1
  2. 2
  3. 3
  4. 4
  5. 5
  6. 6
  7. 7
  8. 8
  9. 9
  10. 10
  11. 11
  12. 12
  13. 13
  14. 14
  15. 15
  16. 16
  17. 17
  18. 18
  19. 19
  20. 20
  21. 21
  22. 22
  23. 23
  24. 24
  25. 25
  26. 26
  27. 27
  28. 28
  29. 29
  30. 30
  31. 31
  32. 32
  33. 33
  34. 34
  35. 35
  36. 36
  37. 37
  38. 38
  39. 39
  40. 40

BIBELE e Halalelang

Eksoda 11 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Yaba Jehova o re ho Moshe: Ke sa tlisa kotsi e le nngwe hodima Faro le hodima Egepeta, e be hona a le dumellang ho tsamaya; mme etlare ha a le lokolla, o tla le lelekisa mona, a be a le lelekise.

2. Ako bue jwale ditsebeng tsa setjhaba, hore monna e mong le e mong a kope ho ya ahisaneng le yena, le mosadi e mong le e mong a kope ho ya ahisaneng le yena mesebetsi ya silefera le mesebetsi ya kgauta.

3. Jehova a hauhedisa Baegepeta setjhaba. Hape, le Moshe e ne e le motho e moholo haholo naheng ya Egepeta, mahlong a bahlanka ba Faro, le mahlong a setjhaba.

4. Moshe a re: Ho thwe ke Jehova: Ka bosiu bo boholo, ke tla haola ka Egepeta;

5. matsibolo kaofela a lefatshe la Egepeta a tla shwa, ho qala ka letsibolo la Faro ya dutseng teroneng ya hae, ho isa ho letsibolo la lekgabunyane le dutseng kamora lelwala, le matsibolo kaofela a diphoofolo.

6. Ho ya ba dillo tse kgolo naheng yohle ya Egepeta, tseo ho esong ho be tse kalo, mme ho ke keng ha hlola ho eba tse kalo.

7. Empa ho bana ba Iseraele kaofela, leha e le ho batho, leha e le ho diphoofolo, ha ho ka ke ha eba le ntja e itshisinyang leleme, le tle le tsebe hobane Jehova o kgethile Baegepeta ho Baiseraele.

8. Bahlanka bana ba hao kaofela ba ya tla ho nna, ba iname ho nna, ba re: Tswa, wena, le setjhaba sohle se o setseng morao; mme e be hona ke tswang. Yaba Moshe o tloha ho Faro, a tletse bohale.

9. Jehova a re ho Moshe: Faro ha a ka ke a le utlwa, e le hore mehlolo ya ka e tle e atiswe naheng ya Egepeta.

10. Moshe le Aarone ba ne ba entse mehlolo eo kaofela pela Faro, empa Jehova o na a thatafaditse pelo ya Faro, mme ha a ka a lesela bana ba Iseraele hore ba tswe naheng ya hae.