Numere

  1. 1
  2. 2
  3. 3
  4. 4
  5. 5
  6. 6
  7. 7
  8. 8
  9. 9
  10. 10
  11. 11
  12. 12
  13. 13
  14. 14
  15. 15
  16. 16
  17. 17
  18. 18
  19. 19
  20. 20
  21. 21
  22. 22
  23. 23
  24. 24
  25. 25
  26. 26
  27. 27
  28. 28
  29. 29
  30. 30
  31. 31
  32. 32
  33. 33
  34. 34
  35. 35
  36. 36

BIBELE e Halalelang

Numere 5 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

Batho ba ditshila ha ba na ho dula diahelong.

1. Jehova a bua le Moshe, a re:

2. Laela bana ba Iseraele hore ba ntshe diahelong molepera e mong le e mong, le motho e mong le e mong ya nang le ho dutla, leha e le motho e mong le e mong ya silafaditsweng ke setopo;

3. kapa e le monna, kapa e le mosadi le tla mo ntsha, le tla mo ntshetsa kantle ho diahelo, hore a se ke a silafatsa diahelo tsa bona, tseo ke ahileng hara tsona.

4. Bana ba Iseraele ba etsa jwalo, ba ba ntshetsa kantle ho diahelo. Kamoo Jehova a neng a buile le Moshe kateng, Baiseraele ba etsa jwalo.

Molao wa ntho tse hlahisitseng molato.

5. Jehova a bua le Moshe, a re:

6. Bolella bana ba Iseraele, o re: Ha monna, kapa mosadi, a entse se seng sa dibe tseo batho ba sitelwang, ba sitelwang Jehova ka tsona, mme ha motho eo a le molato kahoo,

7. ba tla bolela sebe se entsweng ke bona, mme ba tla busa ntho kaofela e hlahisitseng molato, ba e ekeletse ka bohlano ba yona, mme ba tla e nea eo ba mo sitetsweng.

8. Ha ekaba eo a se na banababo ba ka buseletswang ntho eo, tefo e lefshwang e tla ba ya Jehova, newe moprista, le yona pheleu ya pheko eo ho tla etswa pheko ka yona.

9. Kabelo e nngwe le e nngwe ya dintho tse kgethelwang ke bana ba Iseraele, e tla ruwa ke moprista eo e iswang ho yena.

10. Dintho tse kgethelwang e tla ba tsa hae. Ntho e tlang ho iswa ho moprista e tla ba ya hae.

Molao wa poulelo.

11. Jehova a bua le Moshe, a re:

12. Bolella bana ba Iseraele, o re ho bona: Ekare ha mosadi wa monna a kgeloha, mme a mo sitelwa;

13. ha monna e mong a mo feba, mme ketso eo e lobilwe mahlong a monna wa hae, ha a itshentse ka sephiring, ho se paki e ka mmolelang, a sa ka a tshwarwa a etsa sebe sa hae,

14. mme ha moya wa poulelo o tshwara monna wa hae, hore a belaele ka mosadi wa hae ya itshentseng, kapa ha moya wa poulelo o tshwara monna, mme o mo belaetsa ka mosadi wa hae, leha a sa ka a itshenya,

15. monna eo o tla tlisa mosadi wa hae ho moprista, a tlise le nyehelo ya hae ya boshome ba efa ya phofo ya harese. A ke ke a tshela ole ho yona, a ke ke a bea dibano teng, hobane ke nyehelo ya poulelo, nyehelo ya kgopotso, e hopotsang bokgopo.

16. Moprista o tla atametsa mosadi, a mo emise pela Jehova.

17. Moprista o tla nka metsi a kgethehileng ka pitseng ya letsopa; moprista o tla ola lerole fatshe tabernakeleng, a le tshele metsing ao;

18. moprista o tla emisa mosadi pela Jehova; o tla kwaholla hlooho ya mosadi, a bee diatleng tsa hae nyehelo ya kgopotso, e leng nyehelo ya poulelo; mme moprista o tla nka ka letsohong la hae metsi a babang a tlisang thohako.

19. Moprista o tla hlapantsha mosadi, a re ho yena: Ha ho se monna ya robetseng le wena, ha wena o leng matleng a monna o sa ka wa mo furalla o tle o itshenye, o ke o phonyohe metsing ana a babang, a tlisang thohako.

20. Empa ha wena o leng matleng a monna, o mo furaletse, o bile o itshentse, ha monna osele ho monna wa hao a kile a robala le wena ...

21. Mona moprista o tla hlapantsha mosadi ka kano ya thohako, mme o tla re ho mosadi: Jehova a o neele thohakong le hlapaolong hara setjhaba sa heno, a omeletse letheka la hao, a kokomose mpa ya hao;

22. metsi ana a tlisang thohako a kene maleng a hao, a kokomose mpa ya hao, mme a omeletse letheka la hao. Mme mosadi o tla re: Amen! amen!

23. Moprista o tla ngola bukeng e nngwe dithohako tseo, a ntoo di hlakola ka metsi a babang;

24. o tla nosa mosadi metsi a babang, a tlisang thohako, mme metsi a tlisang thohako a tla kena ho yena, a hlahise teng ho baba.

25. Moprista o tla nka diatleng tsa mosadi nyehelo ya poulelo; o tla tsokotsa nyehelo pela Jehova, mme o tla e bea aletareng.

26. Moprista o tla qotsa ho ka tlatsang seatla nyehelong eo, e be ya kgopotso, mme o tla ho tjhesa aletareng; kamora tseo o tla nosa mosadi metsi ao.

27. Etlare hobane a mo nose metsi ao, ho tla etsahala hore, ha a fela a itshentse, mme a sitetswe monna wa hae, metsi a tlisang thohako a tla kena ho yena, a hlahise teng ho baba; mpa ya hae e tla kokomoha, letheka la hae le omelle, mme mosadi eo e tla ba thohako hara setjhaba sa habo.

28. Empa ha mosadi a sa ka a itshenya, mme ha a hlwekile, a ke ke a hlahelwa ke letho, mme o tla nne a emole.

29. Ke oo molao wa poulelo. Etlare hobane mosadi ya leng matleng a monna a kgelohe, mme a itshenye,

30. ha moya wa poulelo o eja monna wa hae hore a belaele ka mosadi wa hae, o tla emisa mosadi pela Jehova, mme moprista o tla mo leka ka molao oo wohle.

31. Monna o tla hloka molato, empa mosadi eo o tla jara bokgopo ba hae.