Numere

  1. 1
  2. 2
  3. 3
  4. 4
  5. 5
  6. 6
  7. 7
  8. 8
  9. 9
  10. 10
  11. 11
  12. 12
  13. 13
  14. 14
  15. 15
  16. 16
  17. 17
  18. 18
  19. 19
  20. 20
  21. 21
  22. 22
  23. 23
  24. 24
  25. 25
  26. 26
  27. 27
  28. 28
  29. 29
  30. 30
  31. 31
  32. 32
  33. 33
  34. 34
  35. 35
  36. 36

BIBELE e Halalelang

Numere 34 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

Meedi ya lefatshe la Kanana. — Molao wa ho le arola dikoto.

1. Jehova a bua le Moshe, a re: Laela bana ba Iseraele, o re ho bona:

2. Etlare hobane le kene naheng ya Kanana, naha eo e tla ba lefa la lona, ke eo: naha ya Kanana ka meedi ena ya yona:

3. Ka nqa borwa, moedi e tla ba lefeella la Tsine, ho fihlela Edomo; moedi wa lona, ka nqa borwa, o tla tloha pheletsong ya Lewatle la Letswai ka nqa botjhabela;

4. o tla pota moepa wa Akrabbime, ka nqa borwa; o fete ka Tsine, mme o fihle Kadeshe-Barnea, ka nqa borwa; o tla ya ka Hatsar-Addare, mme o tla feta Atsmone,

5. ho tloha Atsmone, o tla pota ho isa molapong wa Egepeta, mme o kene Lewatleng.

6. Moedi wa lona ka nqa bophirimela, e tla ba Lewatle le Leholo; ke wona moedi wa lona ka nqa bophirimela.

7. Moedi wa lona, ka nqa leboya, e tla ba ona: O tla tloha Lewatleng le Leholo, mme le tla o fihlisa thabeng ya Hore;

8. ho tloha thabeng ya Hore le tla o fetisa ka Hamathe, o kene Tsedade,

9. o fete ka Sifrone, mme o felle Hatsar-Enane. Moedi wa lona e tla ba wona ka nqa leboya.

10. Le tla itshehela moedi wa lona ka nqa botjhabela, ka ho tloha Hatsar-Enane ho isa Shefame;

11. ho tloha Shefame, moedi o tla theohela Ribla, ka nqa botjhabela ho Aine; mme o tla theoha, o sike le Lewatle la Kinnerethe, ka nqa botjhabela,

12. mme o tla theosa Jordane ho ya kena Lewatleng la Letswai. Naha ya lona e tla ba jwalo, ka meedi ya yona e e teelang hare.

13. Moshe a nea bana ba Iseraele taelo eo, a re: Ke yona naha eo le tla arolelana yona ka lotho, eo Jehova a laetseng hore e newe meloko e robileng mono o le mong le halofo ya moloko.

14. Hobane leloko la bara ba Rubene ka matlo a bontata bona, le leloko la bara ba Gade ka matlo a bontata bona, le ba halofo ya leloko la Manasse, ba se ba nkile lefa la bona.

15. Meloko e mmedi eo le halofo ya leloko, ba se ba nkile lefa la yona ka mose o kwano wa Jordane, mabapa le Jeriko, ka nqa botjhabatsatsi.

16. Jehova a bua le Moshe, a re:

17. Mabitso a banna ba tlang ho le arolela naha ke ana: Moprista Eleasare, le Joshua, mora Nune.

18. Hape, le tla nka morena ka leloko le leng le le leng hore le arolelwe naha.

19. Ke ana mabitso a banna bao: Bakeng sa leloko la Juda, Kalebe, mora Jefunne;

20. bakeng sa leloko la bara ba Simeone, Samuele, mora Ammihude;

21. bakeng sa leloko la Benjamine, Elidade, mora Kislone;

22. bakeng sa leloko la bara ba Dane, morena Buki, mora Jogli;

23. bakeng sa bara ba Josefa, lelokong la bara ba Manasse, morena Hanniele, mora Efode;

24. bakeng sa leloko la bara ba Efraime, morena Kemuele, mora Shiftane;

25. bakeng sa leloko la bara ba Sabulone, morena Elitsafane, mora Parnake;

26. bakeng sa leloko la bara ba Issaskare, morena Paltiele, mora Assane;

27. bakeng sa leloko la bara ba Asere, morena Akihude, mora Shelomi;

28. bakeng sa leloko la bara ba Nefthali, morena Pedahele, mora Ammihude.

29. Ke bona bao Jehova a ba laetseng ho arolela bana ba Iseraele naha ya Kanana.