Numere

  1. 1
  2. 2
  3. 3
  4. 4
  5. 5
  6. 6
  7. 7
  8. 8
  9. 9
  10. 10
  11. 11
  12. 12
  13. 13
  14. 14
  15. 15
  16. 16
  17. 17
  18. 18
  19. 19
  20. 20
  21. 21
  22. 22
  23. 23
  24. 24
  25. 25
  26. 26
  27. 27
  28. 28
  29. 29
  30. 30
  31. 31
  32. 32
  33. 33
  34. 34
  35. 35
  36. 36

BIBELE e Halalelang

Numere 17 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

Thupa ya Aarone.

1. Jehova a bua le Moshe, a re:

2. Bua le bana ba Iseraele, mme o nke ho bona dithupa tse leshome le metso e mmedi, e nngwe ka ntlo e nngwe le e nngwe ya bontata bona; ke ho re, o nke e nngwe ho morena e mong le e mong wa matlo a bontata bona.

3. O tla ngola lebitso la e mong le e mong thupeng ya hae, mme o tla ngola lebitso la Aarone thupeng ya Levi; hobane ho tla ba thupa e le nngwe ka morena e mong le e mong wa matlo a bontata bona.

4. O tla di bea ka tenteng ya pokano, pela areka ya bopaki, moo ke kopanang le lona teng.

5. Monna eo ke tla mo kgetha, e tla ba eo thupa ya hae e tswang dipalesa, mme ke tla fedisa medumadumo e ntseng e bolelwa hodima lona ke bana ba Iseraele.

6. Yaba Moshe o phetela bana ba Iseraele mantswe ao; marena wohle a mo nea dithupa; morena e mong le e mong a mo nea thupa; dithupa tsa eba leshome le metso e mmedi, ka palo ya matlo a bontata bona. Thupa ya Aarone e ne e le hara tsa bona.

7. Moshe a bea dithupa pela Jehova, ka tenteng ya bopaki.

8. Ka hosasa, eitse ha Moshe a kena tenteng ya bopaki, a bona thupa ya Aarone, e beetsweng ntlo ya Levi, e tswile dipalesa, e hlahisitse menoko, e fupusitse dipalesa, e beile le diamanda.

9. Yaba Moshe o tlosa dithupa tsohle pela Jehova, a di isa ho bana bohle ba Iseraele; ba di bona, mme e mong le e mong a nka thupa ya hae.

10. Jehova a re ho Moshe: Busetsa thupa ya Aarone pela areka ya bopaki, e tle e bolokwe teng, e be pontsho ho baikgantshi, o tle o fedise pela ka medumadumo ya bona, hore ba se ke ba timela.

11. Moshe a etsa jwalo; a fela a etsa ka taelo eo Jehova a mo neileng yona.

12. Yaba bana ba Iseraele ba re ho Moshe: Bona, re a shwa, re a fela, re fela kaofela!

13. E mong le e mong ya atamelang tabernakele ya Jehova o a timela. Na ke ho re, re tshwanetse ho timela kaofela na?