1. Balaame a re ho Balake: Nkgahele mona dialetare tse supileng, mme o ntokisetse teng dipoho tsa dikgomo tse supileng, le dipheleu tse supileng.
2. Balake a etsa seo Balaame a se boletseng; Balake le Balaame ba hlaba poho le pheleu aletareng e nngwe le e nngwe.
3. Balaame a re ho Balake: Ema mona pela setjheso sa hao, mme ke tla ya thokonyana; mohlomong Jehova a ka tshoha a nkgahlanyetsa, mme ke tla o bolella seo a tla ntshenolela sona. Mme a ya phenyoleng.
4. Modimo wa tla ho Balaame; mme Balaame a re ho wona: Ke lokisitse dialetare tse supileng, mme ke hlabile poho le pheleu aletareng e nngwe le e nngwe.
5. Jehova a kenya mantswe molomong wa Balaame, a re ho yena: Kgutlela ho Balake, mme o mmolelle hore hoitseng.
6. Yaba o kgutlela ho yena; a fihlela Balake a eme pela setjheso sa hae, a ena le matona wohle a Moabe.
7. Yaba Balaame o porofeta, a re: Balake o ntheositse Arame; morena wa Moabe o ntheositse dithabeng tsa botjhabela, ka ho re: Tloo, o nthohakele Jakobo! Tloo, o halefele Iseraele!
8. Na nka rohaka jwang eo Modimo o sa kang wa mo rohaka? Na nka halefela jwang eo Jehova a sa mo halefeleng?
9. Ke a mmona, ke le qhoweng ya mafika; ke a mmoha ke le hlorong ya dithaba; bonang, ke setjhaba se ahang se nnotshi, se sa balweng le ditjhaba.
10. A ke mang ya ka balang lerole la Jakobo, ya ka bolelang karolo ya bone ya palo ya Iseraele? A nke ke shwe lefu la ba lokileng, mme bofelo ba ka bo tshwane le jwa bona!
11. Balake a re ho Balaame: Na o nkentseng? Ke o bitsitse ho rohaka sera sa ka, mme jwale o hlile o se hlohonolofaditse!
12. A araba, a re: Ha ke re, ke tshwanetse ho bolela seo Jehova a se beileng molomong wa ka na?
13. Balake a re ho yena: Tloo le nna hle bakeng sesele, moo o tla se bona; o tla bona karolo e le nngwe feela ya sona, e seng ho se bona kaofela. O nthohakele sona teng.
14. A mo isa tshimong ya Tsofime, qhoweng ya Pisga; teng a haha dialetare tse supileng, a hlaba poho le pheleu aletareng e ngwe le e nngwe.
15. Yaba Balaame o re ho Balake: Ema mona pela setjheso sa hao, mme nna ke tla ya kgahlanyetsa Modimo mane.
16. Jehova a tla ho Balaame, a kenya mantswe molomong wa hae, a re ho yena: Boela ho Balake, o mmolelle hore hoitseng.
17. A boela ho yena, a fihlela Balake a eme pela setjheso sa hae, a ena le matona a Moabe.
18. Balake a mmotsa, a re: Jehova o itseng?
19. Yaba Balaame o porofeta, a re: Tsoha, Balake, o mamele; sekeha tsebe, mora Tsippore! Modimo hase motho, hore o tle o etse leshano, kapa mora motho, hore o tle o bake. Seo o se boletseng, na o ke ke wa se etsa na? Seo o se rerileng, na o ke ke wa se phetha na?
20. Bona, ke laetswe ho hlohonolofatsa! O hlohonolofaditse, nke ke ka ho fetola.
21. Ha o fumane bokgopo ho Jakobo, le tse sa lokang ha o di bone ho Iseraele: Jehova, Modimo wa hae, o na le yena; ke morena wa hae, eo a mo thabelang.
22. Modimo o ne o mo ntshe Egepeta; o na le matla a kang a nare.
23. Jakobo a ke ke a louwa, le Iseraele a ke ke a nohelwa. Jwale ho tla bolellwa Jakobo le Iseraele mosebetsi o sebeditsweng ke Modimo.
24. Ke setjhaba se tsohang jwaloka tau e tshehadi, se itsosang jwaloka tau. Se ke ke sa dula se eso ho harole hlwibilo, se eso ho nwe madi a ba bolailweng.
25. Yaba Balake o re ho Balaame: Ha o se na ho se rohaka, o mpe o se ke wa se hlohonolofatsa. Balaame a fetola, a re ho Balake:
26. Na hase seo ke o boleletseng sona, ka re: Ke tla etsa tsohle tseo Jehova a tla mpolella tsona na?
27. Empa Balake a re ho Balaame: Tloo jwale, ke o ise bakeng sesele; mohlomong ha o le mane, e tla ba ntho e lokileng mahlong a Modimo hore o nthohakele setjhaba seo, o le mane.
28. Balake a isa Balaame qhoweng ya Peore, moo e okametseng lefeella.
29. Balaame a re ho Balake: Nkgahele mona dialetare tse supileng, mme o ntokisetse teng dipoho tse supileng le dipheleu tse supileng.
30. Balake a etsa kamoo Balaame a mmoleletseng kateng, a hlaba poho le pheleu hodima aletare e nngwe le e nngwe.