Luka

  1. 1
  2. 2
  3. 3
  4. 4
  5. 5
  6. 6
  7. 7
  8. 8
  9. 9
  10. 10
  11. 11
  12. 12
  13. 13
  14. 14
  15. 15
  16. 16
  17. 17
  18. 18
  19. 19
  20. 20
  21. 21
  22. 22
  23. 23
  24. 24

BIBELE e Halalelang

Luka 18 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

Setshwantsho sa moahlodi ya sa lokang.

1. Le hona Jesu a ba bolella setshwantsho sa ho re, e ka kgona ba rapele kamehla, mme ba se ke ba kgathala!

2. A re: Moahlodi o ne a le teng motseng o itseng, ya sa tshabeng Modimo, mme le batho a sa re letho ka bona.

3. Hape, ho ne ho le mosadi wa mohlolohadi motseng oo, ya neng a etla ho yena, a re: Nkahlolele ho ya ntsekisang.

4. A hana halelele; empa kamorao, a imamela, a re: Leha ke sa tshabe Modimo, ke sa re letho ka batho,

5. leha ho le jwalo, kahobane mohlolohadi eo o a nkgathatsa, ke tla mo ahlolela, a tle a se ke a nngamola hlooho ka ho nna a etla kamehla.

6. Morena a re: Utlwang se bolelwang ke moahlodi eo ya sa lokang.

7. Mme Modimo wona, na o ke ke wa ahlolela bakgethwa ba wona, ba bitsang ho wona motshehare le bosiu, leha o dieha ho halefa ka baka la bona na?

8. Ke a le bolella, o tla phakisa ho ba ahlolela. Leha ho le jwalo, etlare ha Mora motho a etla, na o tla fumana tumelo e le teng lefatsheng na?

Setshwantsho sa mofarisi le molekgetho.

9. Hape, a bolela setshwantsho sena ho ba bang ba itshepisang hore ba lokile, mme ba nyedisa ba bang; a re:

10. Batho ba babedi ba ne ba nyolohetse tempeleng ho ya rapela, e mong e le mofarisi, e mong e le molekgetho.

11. Mofarisi a ema, mme a iketsetsa thapelo, a re: Modimo, ke a o leboha ha ke se jwaloka batho ba bang, e leng mashodu, le bakgopo, le bafebi, leha e le jwaloka molekgetho enwa.

12. Ke itima dijo habedi ka veke; ke ntsha karolo ya leshome ya ntho tsohle tseo ke di ruang.

13. Molekgetho yena a ema hole, a tshaba le ho lelaletsa mahlo a hae lehodimong, a mpa a iteta sefuba, a re: Modimo, nkgauhele, nna ke leng moetsadibe.

14. Ke a le bolella, enwa o theohetse tlung ya hae a beilwe ya lokileng ho feta wa pele. Hobane e mong le e mong ya ikgodisang o tla kokobetswa; empa ya ikokobetsang o tla hodiswa.

Bana ba banyenyane.

15. Ha tliswa le bana ba banyenyane ho yena hore a ba ame; empa barutuwa, eitse ha ba bona hoo, ba ba kgalemela.

16. Yaba Jesu o ba bitsa, a re: Lesang bana ba tle ho nna, mme le se ke la ba thibela, hobane mmuso wa Modimo ke wa ba jwaloka bona.

17. Kannete ke re ho lona: Leha e ka ba mang, ya sa amoheleng mmuso wa Modimo jwaloka ngwana, a ke ke a kena teng.

Mohlankana wa morui.

18. Yaba mmusi e mong wa sinagoge o mmotsa, a re: Moruti ya molemo, ke tla etsa eng ho rua lefa la bophelo bo sa feleng?

19. Jesu a re ho yena: O mpiletsang ya molemo? Ha ho ya molemo, haese a le mong, e leng Modimo.

20. O tseba melao e reng: O se ke wa feba; o se ke wa bolaya; o se ke wa utswa; o se ke wa bea bopaki ba bohata; hlonepha ntatao le mmao.

21. A re: Ntho tseo kaofela ke di bolokile haesale bonyenyaneng ba ka.

22. Eitse hobane Jesu a utlwe hoo, a re ho yena: O sa hloka ntho e le nngwe: Rekisa ka dintho tsa hao tsohle, mme o di abele bafumanehi, mme o tla ba le letlotlo lehodimong; o ntano tla, o ntatele.

23. Empa eo, hoba a utlwe taba tseo, a swaba haholo; hobane a ne a ruile haholo.

24. Eitse ha Jesu a bona hobane o swabile haholo, a re: Ho thata hakakang ho ba nang le maruo ho kena mmusong wa Modimo!

25. Ho ka ba bonolo hore kamele e kene ka lesoba la lemao, ho ena le hore morui a kene mmusong wa Modimo.

26. Ba utlwileng tseo ba re: Ho ka bolokeha mang na?

27. Jesu a re: Tse sitang batho ha di site Modimo.

28. Yaba Petrose o re: Bona, re tlohetse hohle, mme re o latetse.

29. Jesu a re ho bona: Kannete ke re ho lona: Ha ho motho ya tlohetseng ntlo, leha e le baholo ba hae, leha e le banababo, leha e le mosadi, kapa bana, ka baka la mmuso wa Modimo,

30. a sa tlo ka a bona, mehleng ena, haholoholo ho tseo, le mehleng e tlang a bone bophelo bo sa feleng.

Jesu o porofeta lefu la hae le tsoho ya hae.

31. A nkela ho yena ba leshome le metso e mmedi, a ba bolella, a re: Bonang, re nyolohela Jerusalema, mme tsohle tsa Mora motho tse ngodilweng ke baporofeta di tla phethahala.

32. Hobane o tla neelwa baditjhaba, mme o tla songwa, a etswe hampe, a tshwelwe ka mathe.

33. Mme etlare hobane ba mo shape, ba tla mmolaya; mme o tla tsoha bafung ka letsatsi la boraro.

34. Empa ha ba ka ba utlwisisa taba tseo; polelo eo e ne e patehile ho bona, ba se ke ba utlwisisa tse bolelwang.

Phodiso ya sefofu, Jeriko.

35. Eitse ha a atamela Jeriko, sefofu se kopang se ne se dutse pela tsela.

36. Yare ha se utlwa bongata bo feta, sa botsa, sa re: Ke eng?

37. Ba se bolella hore ke Jesu wa Nasaretha ya fetang.

38. Yaba se howa, se re: Jesu, mora Davida, nkutlwele bohloko!

39. Ba eteletseng pele ba se kgalemela, ba re, se kgutse; empa ke ha se tla eketsa ho howa, se re: Mora Davida, nkutlwele bohloko!

40. Jesu a ema, a ba laela hore ba se tlise ho yena; eitse ha se atametse, a se botsa,

41. a re: O rata ha ke o etsang na? Sa re: Morena, ke re, ke tutubolohe.

42. Jesu a re ho sona: Tutuboloha, tumelo ya hao e o pholositse.

43. Sa hla sa bona hang, sa mo latela, se ntse se rorisa Modimo. Mme batho kaofela ba boneng hoo, ba boka Modimo.