Luka

  1. 1
  2. 2
  3. 3
  4. 4
  5. 5
  6. 6
  7. 7
  8. 8
  9. 9
  10. 10
  11. 11
  12. 12
  13. 13
  14. 14
  15. 15
  16. 16
  17. 17
  18. 18
  19. 19
  20. 20
  21. 21
  22. 22
  23. 23
  24. 24

BIBELE e Halalelang

Luka 15 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

Setshwantsho sa nku e lahlehileng, — sa drakema, — sa ngwana ya lehlaswa.

1. Jwale, balekgetho bohle le baetsadibe ba ne ba mo atamela ho mo mamela.

2. Bafarisi le bangodi bona ba ne ba seba ke hona, ba re: Eno o amohela baetsadibe, o ja le bona.

3. Yaba o ba bolella setshwantsho sena, a re:

4. Ke ofe motho hara lona, ya nang le dinku tse lekgolo, ha a lahlehetswe ke e nngwe ya tsona, a ke keng a tlohela tse mashome a robileng mono o le mong a metso e robileng mono o le mong feelleng, a ye ho batla e lahlehileng, a tle a be a e bone?

5. Mme ha a e fumane, a e nke, a e jare mahetleng a hae, a thabile.

6. Mme ha a fihla hae, a bokelle metswalle ya hae le ba ahisaneng le yena, a re ho bona: Thabang le nna, hobane ke fumane nku ya ka e neng e lahlehile.

7. Ke a le bolella, ka mokgwa o jwalo thabo e tla ba teng lehodimong ka baka la moetsadibe a le mong ya bakang, e fetisang e bang teng ka baka la ba lokileng ba mashome a robileng mono o le mong a metso e robileng mono o le mong ba sa hlokeng pako.

8. Kapa mosadi ke ofe ya nang le didrakema tse leshome, ha a lahlehetswe ke e nngwe ya tsona, a ke keng a hotetsa lebone, a fiela ntlo, a e batlisisa, a be a e fumane?

9. Mme ha a e fumane, a bokelle metswalle ya hae le ba ahisaneng le yena, a re ho bona: Thabang le nna, hobane ke fumane drakema eo ke neng ke lahlehetswe ke yona.

10. Ke a le bolella, ka mokgwa o jwalo thabo e teng pela mangeloi a Modimo ka moetsadibe a le mong ya bakang.

11. Le hona a re: Motho wa horeng o ne a na le bara ba babedi.

12. E monyenyane wa bona a re ho ntatae: Ntate, mphe karolo ya letlotlo eo e tla ba ya ka. Mme a ba arolela dintho tsa hae.

13. Ha feta matsatsi a se makae, mora wa hae e monyenyane a bokella tsohle, a fallela naheng e hole, a qhalanya letlotlo la hae teng ka ho phela ka bohlola.

14. Eitse hobane a qete tsohle, ha wa tlala e kgolo lefatsheng leo; mme a qala ho hloka.

15. A ya tholwa ke e mong wa batho ba naha eo; eo a mo romela merakeng ya hae ho alosa dikolobe.

16. O ne a lakatsa ho kgorisa mpa ya hae ka makgapetla a jewang ke dikolobe; empa o ne a sa fuwe ke motho.

17. Yaba moo a ikgopolang, a re: Bahlanka ba bangata hakakang ha ntate ba hlolwang ke bohobe; mme nna mona ke bolawa ke tlala!

18. Ke tla tsoha, ke ye ho ntate; mme ke tla re ho yena: Ntate, ke sitetswe lehodimo le wena;

19. ha ke sa tshwanela ho bitswa mora wa hao; o nketse ya jwaloka e mong wa bahlanka ba hao.

20. Yaba o tloha, a ya ho ntatae. Yare ha a sa le hole, ntatae a mmona, a mo utlwela bohloko, a matha, a itihela molaleng wa hae, a mo aka.

21. Empa mora a re ho yena: Ntate, ke sitetswe lehodimo le wena, mme ha ke sa tshwanela ho bitswa mora wa hao.

22. Empa ntatae a re ho bahlanka ba hae: Phakisang, le tlise seaparo se selelele sa bohlokwa, le mo apese sona; le mo kenye lesale monwaneng, le be le mo rwese dieta maotong;

23. mme le tlise namane e nontshitsweng, le e hlabe, re tle re je, re nyakalle.

24. Hobane mora enwa wa ka o ne a shwele, mme jwale o boetse o pholohile; o ne a lahlehile, mme jwale o boetse o fumanwe. Mme ba qala ho nyakalla.

25. Empa mora wa hae e moholo o ne a le naheng; eitse ha a fihla a atamela ntlo, a utlwa dipina le mehobelo.

26. A bitsa e mong wa bahlanka, a mmotsa, a re: Taba tseo ke eng?

27. Eo a re ho yena: Moenao o fihlile, mme ntatao o hlabile namane e nontshitsweng, hobane o bile a mmona a sa phela.

28. Yaba o a halefa, a hana ho kena. Ntatae a mpa a tswa, a mo rapela, a re, a kene.

29. Yena a araba, a re ho ntatae: Bona! Ke o sebeleditse dilemo tse kalo, ke sa tlole ditaelo tsa hao, mme ha o eso ho nnee le potsanyane hore ke thabe le metswalle ya ka.

30. Empa enwa mora wa hao, ya jeleng letlotlo la hao kaofela le dinyatsi, ere a sa fihla, o mo hlabetse namane e nontshitsweng.

31. Yaba ntatae o re ho yena: Ngwana ka, o ho nna kamehla, mme tsohle tsa ka ke tsa hao.

32. Empa re ne re tshwanetse ho nyakalla le ho thaba, hobane enwa, ngwaneno, o na be a shwele, mme o bile o pholohile; o na be a lahlehile, mme o bile o fumanwe.