Luka

  1. 1
  2. 2
  3. 3
  4. 4
  5. 5
  6. 6
  7. 7
  8. 8
  9. 9
  10. 10
  11. 11
  12. 12
  13. 13
  14. 14
  15. 15
  16. 16
  17. 17
  18. 18
  19. 19
  20. 20
  21. 21
  22. 22
  23. 23
  24. 24

BIBELE e Halalelang

Luka 14 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

Jesu ha a le dijong tlung ya mofarisi. — Phodiso ya monna ya kgotsheng seema, ka Sabatha.

1. Ya na yare ha a kene, ka Sabatha, tlung ya e mong wa baholo ba bafarisi ho ja bohobe teng, ba mo ela hloko.

2. Mme motho ya kgotsheng seema o ne a le pela hae.

3. Yaba Jesu o bua, a re ho baruti ba molao le ho bafarisi: Na ho ka lokela ho fodisa motho ka Sabatha na? Kapa tjhe?

4. Empa ba kgutsa. Yaba o mo nka, a mo fodisa, mme a mo kgutlisa.

5. Yaba o bua, a re ho bona: Ke mang ho lona, ekareng ha esele ya hae, leha e le kgomo ya hae, e wetse mokoting, a ke keng a phakisa ho e nyolla ka tsatsi la Sabatha na?

6. Mme ba sitwa ho mo araba mantsweng ao.

Thuto hodima boikokobetso, — le hodima mohau.

7. Ha a lemoha kamoo ba bileditsweng dijong ba ikgethelang ditulo tse kapele kateng, a ba bolella setshwantsho, a re:

8. Enore ha motho a o bileditse bohading, o se ke wa dula tulong e kapele, esere mohlomong e mong ya o fetisang ka ho hlomphuwa a ka tshoha a bitsitswe le yena ke monga dijo;

9. mme ya le bitsitseng, wena le yena, a ka tla o bolella, a re: Suthela enwa tulo; mme jwale, o qale ho ya dula tulong e kamorao ka dihlong.

10. Empa enore ha o bitsitswe, o ye, o dule tulong e kamorao, hore ya o bitsitseng ha a etla, a re ho wena: Motswalle, fetela pele. Mme jwale, e tla ba hlompho ho wena hara ba dutseng dijong le wena.

11. Hobane e mong le e mong ya ikgodisang, o tla kokobetswa; mme e mong le e mong ya ikokobetsang, o tla hodiswa.

12. Hape, a re ho ya mmitsitseng: Enore ha o etsa mmoka wa motshehare, leha e le wa ho lalla, o se ke wa bitsa metswalle ya hao, leha e le banabeno, leha e le ba heno, leha e le barui bao o ahisaneng le bona; esere mohlomong le bona ba o bitsa, ba ananya tsa hao.

13. Empa enore ha o etsa mmoka, o bitse bahloki, le dihole, le dihlotsa, le difofu;

14. mme o tla ba motho ya lehlohonolo, kahobane ha ba na seo ba ka o buseletsang sona; mme tsa hao di tla buseletswa tsohong ya ba lokileng.

Setshwantsho sa ba bileditsweng dijong.

15. E mong wa ba dutseng le yena dijong, ha a utlwa taba tseo, a re ho yena: Ho lehlohonolo ya tla ja bohobe mmusong wa Modimo!

16. Empa Jesu a re ho yena: Motho e mong a etsa selallo se seholo, mme a mema ba bangata.

17. A roma mohlanka wa hae ka nako ya ho lalla, ho bolella ba bitsitsweng, ho re: Tloong, hobane ntho tsohle di se di lokisitswe.

18. Empa bohle ba eba ntswe le le leng ho itatola. Wa pele a re ho yena: Ke rekile tshimo, mme ke tshwanetse ho ya e bona. Ke a o rapela, o ntatolele hantle.

19. E mong a re: Ke rekile dipholo tse lekanang joko tse hlano, mme ke sa ya di leka. Ke a o rapela, o ntatolele hantle.

20. E mong hape a re: Ke nyetse mosadi, ke sitwa ho ya ke hona.

21. Mohlanka eo a kgutla, a tsebisa monga hae ditaba tseo. Yaba monga ntlo o a halefa, a re ho mohlanka wa hae: Phakisa o tswele mapatlelong le diterateng tsa motse, mme o tlise kwano mafutsana, le dihole, le dihlotsa, le difofu.

22. Mohlanka a re: Morena, ho se ho entswe kamoo o laetseng kateng, empa sebaka se sa le teng.

23. Morena a re ho mohlanka: Tswela ditseleng le pela metero, mme o kganne batho, ba kene, ntlo ya ka e be e tlale.

24. Hobane ke re ho lona: Ha ho le a mong wa banna bale ke ba bitsitseng, ya tla latswa selallo sa ka.

Ditshwanelo tsa barutuwa ba Jesu.

25. Bongata bo boholo bo ne bo tsamaya le Jesu. Yaba o reteleha, a re ho bona:

26. Ekare ha e mong a etla ho nna a sa hloye ntatae, le mmae, le mosadi wa hae, le bana ba hae, le banababo, le bokgaitsedie, le bona bophelo ba hae, o sitwa ho ba morutuwa wa ka.

27. E mong le e mong ya sa jareng sefapano sa hae, a ntatela, o sitwa ho ba morutuwa wa ka.

28. Hobane ke mang hara lona, ha a rata ho haha tora, a ke keng a dula pele ho bala se tla ntshetswa yona, a tle a bone ha a ena le seo a ka e phethang ka sona?

29. Esere mohlomong, ha a theile motheo, mme a sitwa ho phetha, bohle ba bonang ba qala ho mo soma,

30. ba re: Motho enwa o qadile ho haha, mme o sitilwe ho phetha.

31. Kapa morena ke ofe, ya futuhelang morena e mong, a ke keng a dula pele, a nahana hore na ka batho ba dikete tse leshome le le leng, a ka ya kgahlanyetsa ya tlang ho mo lwantsha ka dikete tse mashome a mabedi na?

32. Ha ho se jwalo, eo ha a sa le hole, a ka roma manqosa ho yena ho ya botsa tsa kgotso.

33. Ka mokgwa o jwalo, e mong le e mong hara lona, ya sa teleng tsohle tseo a nang le tsona, o sitwa ho ba morutuwa wa ka.

34. Letswai ke ntho e monate; empa letswai ha le tapile, le ka nokwa kang?

35. Ha le na mosebetsi bakeng sa mobu, kapa bakeng sa moitedi; ba le lahlela ntle. Ya nang le ditsebe ho utlwa, a utlwe.