Luka

  1. 1
  2. 2
  3. 3
  4. 4
  5. 5
  6. 6
  7. 7
  8. 8
  9. 9
  10. 10
  11. 11
  12. 12
  13. 13
  14. 14
  15. 15
  16. 16
  17. 17
  18. 18
  19. 19
  20. 20
  21. 21
  22. 22
  23. 23
  24. 24

BIBELE e Halalelang

Luka 16 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

Qhoku e sa lokang. — Bafarisi ba nyatswa.

1. Le hona Jesu a bolella barutuwa ba hae, a re: Motho wa morui o ne a le teng, ya nang le qhoku, mme ya qoswa ho yena, ha thwe, e qhalantse letlotlo la hae.

2. Yaba o e bitsa, a re ho yona: Taba tseo tsa hao tseo ke di utlwang ke dife. Hlahisa tsa bolebedi ba hao; hobane o ke ke wa hlola o eba molebedi wa ntho tsa ka.

3. Mme qhoku ya re ka pelong ya yona: Ke tla etsa eng, haele mona monga ka a nkamoha bolebedi ba ka? Ke hloka matla a ho lema; haele ho kopa, nka hlajwa ke dihlong.

4. Ke tseba seo ke tla se etsa, hore, etlere ha ke amohilwe bolebedi ba ka, batho ba nkamohele matlung a bona.

5. Yaba o bitsa ba namileng ho morena wa hae ka bonngwe, a re ho wa pele: O namile ho morena wa ka ka ho le hokae?

6. Eo a re: Ka dibathe tsa ole tse lekgolo. A re ho yena: Nka lengolo la hao la molato, mme o dule, o phakise o ngole tse mashome a mahlano.

7. A ntoo re ho e mong: Na wena, o namile ka ho le hokae? Eo a re: Ka dikore tsa koro tse lekgolo. A re ho yena: Nka lengolo la hao, mme o ngole tse mashome a robileng meno e le mmedi.

8. Mme monga hae a rorisa qhoku e sa lokang, hobane e entse ka bohlale. Efela bana ba lefatshe lena, molokong oo e leng wa bona, ba fetisa bana ba lesedi ka bohlale.

9. Le nna ke re ho lona: Iketsetseng metswalle ka matlotlo a sa lokang; hore, etlere mohla a hlokahalang, ba le amohele meahong e sa feleng.

10. Ya leng kgabane ho tse nyenyane, le ho tse kgolo o tla ba kgabane; mme ya sa lokang ho tse nyenyane, a ke ke a loka le ho tse kgolo.

11. Ha esita maruong a sa lokang le sa ka la ba kgabane, ke mang ya tla le tshepela maruo a nnete?

12. Mme ha esita ho tsa e mong le sa ka la ba kgabane, ke mang ya tla le nea tsa lona?

13. Ha ho mohlanka ya ka sebeletsang marena a mabedi; hobane a ka hloya e mong, a rata e mong; mohlomong a ka kgomarela e mong, a nyedisa e mong. Le ka sitwa ho sebeletsa Modimo le Mamona.

14. Bafarisi bao e leng ba ratang tjhelete haholo, le bona ba utlwa taba tseo kaofela; mme ba mo soma.

15. Yaba o re ho bona: Haele lona, le ipea ba lokileng pela batho, empa Modimo o tseba dipelo tsa lona; hobane se phahameng ho batho, ke manyala pela Modimo.

16. Molao le baporofeta di ile tsa tiya ho fihlela ho Johanne; mme haesale mohlang oo, mmuso wa Modimo o a bolelwa, mme e mong le e mong o o kena ka matla.

17. Ho bonolo ha ho ka feta lehodimo le lefatshe, ho ena le hore ho wele fatshe hlaku ya molao, leha e ka ba nngwe.

18. E mong le e mong ya hlalang mosadi wa hae, a nyala e mong, o a feba, mme e mong le e mong ya nyalang ya hladilweng ke monna wa hae, o a feba.

Setshwantsho sa morui le Lasaro.

19. Morui e mong o ne a le teng ya apereng purepera le lene e ntle, ya iketlileng menateng ka matsatsi wohle.

20. Mofutsana e mong le yena o ne a le teng, ya bitswang Lasaro, ya neng a bewa pela monyako wa eo, a tletse dibebe;

21. o ne a lakatsa a ka kgora makumane a wang tafoleng ya morui; hape le tsona dintja di ne di tla, di nyeka dibebe tsa hae.

22. Ha isaisa, mofutsana a shwa, mme mangeloi a mo nkela sefubeng sa Abrahama.

23. Morui le yena a shwa, a epelwa lebitleng. Jwale, ha a le nqalong ya bafu, a lelala hodimo, a dutse bohlokong, mme a bonela Abrahama hole, le Lasaro a le sefubeng sa hae.

24. A howa, a re: Ntate Abrahama, nkgauhele; o rome Lasaro, hore a qopetse ntlha ya monwana wa hae metsing, a tle a mphodise leleme; hobane ke utlwa bohloko bo boholo kgabong ena.

25. Empa Abrahama a re: Ngwana ka, hopola hobane o bone tse monate tsa hao bophelong ba hao; mme ka mokgwa o jwalo, Lasaro o bone tse mpe; jwale yena, o tshediswa mona, empa wena, o utlwiswa bohloko.

26. Ho fetisa tseo tsohle, selomo se seholo se beilwe mahareng a rona le lona, hore ba mona ba ka ratang ho tshelela ho lona ba sitwe, leha e le ba ho lona ha ba rata ho tla ho rona, ba sitwe le bona.

27. Yaba o re: Ntate, ha ho le jwalo, ke a o rapela, o mo romele tlung ya ntate;

28. hobane ke na le banabeso ba bahlano; a ke a ba kgodise, hore ba tle ba se ke ba tla le bona nqalong ena e bohloko.

29. Abrahama a re ho yena: Ba na le Moshe le baporofeta; ba ke ba utlwe bona.

30. A mpa a re: Tjhe, ntate Abrahama, empa ekare ha e mong wa ba shweleng a ka ya ho bona, ba ka baka.

31. Abrahama a re ho yena: Ekare ha ba sa utlwe Moshe le baporofeta, ba ke ke ba kgolwa, leha e mong wa bafu a ka tsoha.