Deuteronoma

  1. 1
  2. 2
  3. 3
  4. 4
  5. 5
  6. 6
  7. 7
  8. 8
  9. 9
  10. 10
  11. 11
  12. 12
  13. 13
  14. 14
  15. 15
  16. 16
  17. 17
  18. 18
  19. 19
  20. 20
  21. 21
  22. 22
  23. 23
  24. 24
  25. 25
  26. 26
  27. 27
  28. 28
  29. 29
  30. 30
  31. 31
  32. 32
  33. 33
  34. 34

BIBELE e Halalelang

Deuteronoma 8 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

Taba tsa lefatshe la pallo. — Tshwanelo ya ho leboha Modimo.

1. Iponeleng, le boloke ditaelo tsohle tseo ke o laelang tsona kajeno, le tle le phele, le ate, mme le kene lefatsheng leo Jehova a anetseng bontata lona hore o tla ba nea lona, le le rue.

2. Hopola tsela yohle eo Jehova, Modimo wa hao, a o tsamaisitseng ka yona feelleng ka dilemo tsena tse mashome a mane, hore o kokobetswe, o lekwe, mme ho bonwe tse pelong ya hao, hore na o tla boloka ditaelo tsa hae, kapa tjhe.

3. O o kokobeditse, a o lapisa, a ntano o fepa ka manna, eo o neng o sa e tsebe pele, eo bontatao ba sa kanga ba e tseba, o tle o tsebe hobane motho a ke ke a phela ke bohobe feela, motho o tla mpe a phele ke tsohle tse tswang molomong wa Jehova.

4. Diaparo tsa hao ha di a ka tsa senyeha hodima hao, mme maoto a hao ha a ka a ruruha ka dilemo tseo tse mashome a mane.

5. Kgolwa pelong ya hao hobane Jehova, Modimo wa hao, o o laile jwaloka motho ha a laya mora wa hae.

6. Boloka ditaelo tsa Jehova, Modimo wa hao, o tsamaye ditseleng tsa hae, o mo tshabe.

7. Hobane Jehova, Modimo wa hao, o ya o kenya lefatsheng le molemo, lefatshe la melapo, la didiba, la matsha, la metsi a kollang dikgutlong le dithabeng;

8. lefatshe la koro, la harese, la merara, la difeiye, la digaranata, lefatshe la mehlwaare e nang le ole, le la dinotshi,

9. lefatshe leo o tla ja bohobe ho lona, ho se tlala, mme o ke ke wa hloka letho ho lona; lefatshe leo majwe a lona e leng tshepe, mme dithabeng tsa lona o tla tjheka koporo.

10. O tla ja o kgore, mme o tla boka Jehova, Modimo wa hao, ka baka la lefatshe le molemo leo a o neang lona.

11. Iponele, o se lebale Jehova, Modimo wa hao, ka ho se boloke ditaelo tsa hae, le dikahlolo tsa hae, le melao ya hae, eo ke o laelang yona kajeno,

12. esere mohlomong, ha o se o jele, o kgotshe, mme o hahile matlo a matle, o dutse ho wona,

13. ha dikgomo tsa hao, le dinku tsa hao di atile haholo, ha o ruile silefera le kgauta e ngata, mme dintho tsohle tsa hao di atile,

14. pelo ya hao ya ikgohomosa, mme wa lebala Jehova, Modimo wa hao, ya o nyolotseng naheng ya Egepeta, tlung ya bohlanka;

15. ya o tsamaisitseng nahathothe eo e kgolo, e tshabehang, e nang le dinoha tse tjhesang le diphepheng, naha e omeletseng, e se nang metsi; Jehova, ya o ntsheditseng metsi lefikeng le thata,

16. ya o fepileng nahathothe ka manna, eo bontatao ba sa kang ba e tseba; a tle a o kokobetse, a o leke, hore a tle a o hlohonolofatse mehleng e tlang.

17. Iponele, o tle o se ke wa re ka pelong ya hao: Ke ruile dintho tseo ka matla a ka, ka matla a matsoho a ka.

18. O mpe o hopole Jehova, Modimo wa hao, hobane ke yena ya o neang matla a ho rua dintho tseo, hore a tiise selekane sa hae, seo a se anetseng bontatao, jwalokaha ho le jwalo le kajeno.

19. Empa ekare ha o leballa ruri Jehova, Modimo wa hao, o latela medimo esele, o e sebeletsa, o e kgumamela, kajeno ke a le pakela, ke re, le tla timella ruri.

20. Le tla timela jwaloka ditjhaba tseo Jehova a yang ho di fedisa pela lona, ha le ka hana ho utlwa lentswe la Jehova, Modimo wa lona.