Deuteronoma

  1. 1
  2. 2
  3. 3
  4. 4
  5. 5
  6. 6
  7. 7
  8. 8
  9. 9
  10. 10
  11. 11
  12. 12
  13. 13
  14. 14
  15. 15
  16. 16
  17. 17
  18. 18
  19. 19
  20. 20
  21. 21
  22. 22
  23. 23
  24. 24
  25. 25
  26. 26
  27. 27
  28. 28
  29. 29
  30. 30
  31. 31
  32. 32
  33. 33
  34. 34

BIBELE e Halalelang

Deuteronoma 15 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

Selemo sa teselo; mafutsana, makgoba.

1. Selemong sa bosupa se seng le se seng o tla etsa teselo.

2. Mokgwa wa ho etsa teselo ke wona: E mong le e mong ya nametsweng, a leselle wa habo seo a mo nametseng ka sona; a se ke a kgathatsa wa habo, kapa ngwanabo, hobane ho boletswe teselo ya Jehova.

3. O ka kgathatsa moditjhaba, empa haele ngwaneno, o tele ditokelo tsa hao hodima se sa hao se ho yena.

4. Ho ke ke ha eba bafumanehi ha eno, (hobane Jehova o tla o hlohonolofatsa haholo lefatsheng leo Jehova, Modimo wa hao, a o neang lona hore e be lefa le ruwang ke wena)

5. ha o ka mpa wa utlwa lentswe la Jehova, Modimo wa hao, mme wa itiisa ho boloka ditaelo tsohle tseo ke o laelang tsona kajeno.

6. Hobane Jehova, Modimo wa hao, o tla o hlohonolofatsa jwalokaha a o boleletse; ditjhaba tse ngata di tla nama ho wena; empa wena ha o ka ke wa di namela; o tla busa ditjhaba tse ngata, empa ha di ka ke tsa o busa.

7. Empa ha mofumanehi a ka ba teng ha eno, e leng e mong wa banabeno, a leng motseng ofe le ofe wa heno, naheng eo Jehova, Modimo wa hao, a o neang yona, o se ke wa thatafatsa pelo ya hao, mme o se fupare diatla tsa hao pela ngwaneno ya fumanehileng.

8. O mpe o mo fuparollele diatla tsa hao, o mo adime seo a se hlokang sebakeng sa bofumanehi ba hae.

9. Iponele, kgopolo ya bolotsana e se ke ya eba teng pelong ya hao ya ho re: Selemo sa bosupa, selemo sa teselo, se atametse; mme mahlo a hao a se ke a hauhela ngwaneno ya fumanehileng, o sa mo fe letho, mme yena a ka bitsa ho Jehova ka baka la bothata ba hao, mme sebe se eba teng ho wena.

10. O mo fe hle, mme pelo ya hao e se belaele ha o mo fa; hobane ka baka la taba eo, Jehova, Modimo wa hao, o tla o hlohonolofatsa mesebetsing ya hao yohle, le ditabeng tsohle tseo o tla bea matsoho a hao ho tsona.

11. Hobane mohloki a ke ke a hlokahala lefatsheng le ka mohla o le mong; ke ka baka leo ke o laelang, ke re: o fuparollele ngwaneno eo e leng mohloki le mofumanehi naheng ya hao diatla tsa hao.

12. Etlare ha e mong wa banabeno, e leng Moheberu wa monna, kapa wa mosadi, a ithekisa ho wena, o tla o sebeletsa ka dilemo tse tsheletseng; empa ka selemo sa bosupa o tla mo kgutlisa ho wena a lokolohile.

13. Ha o mo kgutlisa ho wena a lokolohile, o se ke wa mo lesa a ya a le feela.

14. O mpe o mo baballe ka mpho e nngwe ya dinku tsa hao, le ya tsa seotlo sa hao, le ya tsa sehatelo sa hao sa veine; o mo fe tsa tseo Jehova, Modimo wa hao, a o hlohonolofaditseng ka tsona.

15. O tla hopola hobane o bile mofo naheng ya Egepeta le hobane o lopolotswe teng ke Jehova, Modimo wa hao; ke ka baka leo ke o laelang hoo kajeno.

16. Empa ekare ha a o bolella, a re: Ha ke rate ho tloha ho wena; kahobane o a o rata, wena le ntlo ya hao, le hobane o iketlile ha hao;

17. o tle o nke lemao, mme ka lona o mo phunyetse tsebe lemating la monyako, mme e tla ba mohlanka wa hao kamehla; le bakeng sa mohlanka wa hao e motshehadi o etse jwalo.

18. E se ke ya eba taba e bohloko ho wena ho mo lokolla feela hore a tle a tlohe ho wena; hobane o o sebeleditse ka dilemo tse tsheletseng, e le ya loketsweng ke moputso wa mohlanka habedi; mme Jehova, Modimo wa hao, o tla o hlohonolofatsa ho tsohle tse o di etsang.

Matsibolo a diphoofolo.

19. Matsibolo a matona wohle a tswallwang dikgomong le dinkung tsa hao, o a kgethele Jehova, Modimo wa hao; o se ke wa sebetsa ka matsibolo a dikgomo tsa hao, mme o se ke wa kuta matsibolo a dinku tsa hao.

20. Ka selemo se seng le se seng, a jewe ke wena le ke ba ntlo ya hao, pela Jehova, Modimo wa hao, nqalong eo Jehova a tla ikgethela yona.

21. Empa ekare ha phoofolo eo e na le sekodi, kapa e le sehlotsa, kapa sefofu, mohlomong e na le bohole bo bong, o se ke wa e hlabela Jehova, Modimo wa hao.

22. E jewe ke wena menyakong ya hao; ya sa hlwekang le ya hlwekileng ba je jwalokaha ho jewa tshephe le kgama.

23. Feela o se ke wa ja madi; o a tshollele fatshe jwaloka metsi.