Deuteronoma

  1. 1
  2. 2
  3. 3
  4. 4
  5. 5
  6. 6
  7. 7
  8. 8
  9. 9
  10. 10
  11. 11
  12. 12
  13. 13
  14. 14
  15. 15
  16. 16
  17. 17
  18. 18
  19. 19
  20. 20
  21. 21
  22. 22
  23. 23
  24. 24
  25. 25
  26. 26
  27. 27
  28. 28
  29. 29
  30. 30
  31. 31
  32. 32
  33. 33
  34. 34

BIBELE e Halalelang

Deuteronoma 20 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

Ba se nang ho ya ntweng.

1. Etlere ha o futuhela dira tsa hao, mme o bona dipere, le makoloi, le batho ba o fetisang ka bongata, o se ke wa ba tshapa, hobane Jehova, Modimo wa hao, ya o ntshitseng naheng ya Egepeta, o na le wena.

2. Etlere ha le se le ya lwana, moprista a ke a atamele, a bue le setjhaba,

3. a re ho bona: Baiseraele, mamelang! Kajeno, le ya atamela dira tsa lona ho di lwantsha. Pelo tsa lona di se ke tsa fokola, mme le se tshabe, le se makale, mme le se tshohe ka baka la tsona;

4. hobane Jehova, Modimo wa lona, o tsamaya le lona ho le lwantshetsa dira tsa lona, le ho le namolela.

5. Bahlahlobi ba tla bua le setjhaba, ba re: Motho ke ofe ya hahileng ntlo e ntjha, mme ha a eso ho e kgakole na? A ke a tlohe, a kgutlele tlung ya hae, esere mohlomong a shwa ntweng, mme ya kgakolwa ke e mong.

6. Motho ke ofe ya hlomileng morara, mme ha a eso ho kge ditholwana tsa wona na? a ke a tlohe, a kgutlele tlung ya hae, esere mohlomong a shwa ntweng, mme ditholwana tsa wona tsa kguwa ke e mong.

7. Motho ke ofe ya lebeleditseng mosadi, mme ha a eso ho mo nyale? A ke a tlohe, a kgutlele tlung ya hae, esere mohlomong a shwa ntweng, mme mosadi a nyalwa ke e mong.

8. Bahlahlobi ba tla eketsa ho bua le setjhaba, ba re: Motho ya lekwala, ya nang le pelo e boi, ke ofe na? A ke a tlohe, a kgutlele tlung ya hae, esere mohlomong pelo tsa banababo tsa qhibidiha jwaloka ya hae.

9. Mme etlare ha bahlahlobi ba qetile ho bua le setjhaba, ba tla bea balaodi ba makgotla ho tsamaisa setjhaba.

Thibello ya metse.

10. Etlere ha o atametse motse ho o lwantsha, o o beele tsa kgotso;

11. mme ekare ha batho ba motse ba o nea karabo ya kgotso, mme ba o bulela dikgoro tsa wona, batho bohle ba wona ba tla o ntshetsa lekgetho, ba o sebeletse.

12. Ha ba hana ho etsa kgotso le wena, ba mpa ba re ba lwana le wena, teng o tla thibella motse.

13. Ha Jehova, Modimo wa hao, a o neela matsohong a hao, o tla bolaya ba batona bohle ka bohale ba lerumo.

14. Haele basadi, le bana, le dikgomo, le tsohle tsa motse, thepa yohle ya wona, o ikgapele tsona, mme o je thepa ya dira tsa hao, eo o e neilweng ke Jehova, Modimo wa hao.

15. Etsa jwalo ka metse yohle e hole haholo le wena, eo e seng metse ya ditjhaba tsena.

16. Empa haele metse ya ditjhaba tsena Jehova, Modimo wa hao, a o fang lefatshe la tsona ho le rua, o se ke wa lesa ntho e phefumolohang e phela;

17. o mpe o ba neele anathema e leng Bahethe, le Baamore, le Bakanana, le Baferese, le Baheve, le Bajebuse, jwalokaha Jehova, Modimo wa hao, a o laetse;

18. hore ba tle ba se ke ba le ruta ho etsa manyala wohle a bona, e leng manyala ao ba a etsetsang medimo ya bona, mme le se sitelwe Jehova, Modimo wa lona.

19. Etlare ha o thibella motse o mong ka matsatsi a mangata o ntse o o lwantsha ho o kena, o ke ke wa senya difate ka ho di rema ka selepe, o mpe o je ditholwana tsa tsona, mme o se ke wa di rema hore o ithuse ka tsona. Hobane sefate se naheng na ke motho hore se lwantshwe ke wena na?

20. Empa difate tseo le tsebang hobane ha se tse behang dijo, o ka di senya wa di rema, mme ka tsona wa haha mesebetsi ya ho thibella motse o nang le ntwa le wena o be o kenwe ke wena.