1. Pesalema ya Davida, e qapetsweng motsamaisi wa dibini. Sefela.
2. Modimo a ke a tsohe,dira tsa hae di qhalane,ba mo hloileng ba mmalehe.
3. Ba nyamelejwalokaha mosi o nyamela,jwalokaha tshotsoe qhibidihiswa ke mollo,ba kgopo ba timela jwalo,ba timela jwalo mahlong a Modimo.
4. Empa ba lokileng ba a thaba,ba nyakallela Modimo,ba tlale thabo.
5. Binelang Modimo,rokang lebitso la hae,lokisang tsela ya ya kaletseng maru.Lebitso la hae ke Morena,nyakallang mahlong a hae.
6. Modimo ke ntata dikgutsana,ke mosireletsi wa bahlolohadi,o leahong la hae le halalelang.
7. Ba se nang moneketsela,Modimo o ba fa bodulo,o boela o busetsabatshwaruwa boiketlong,athe bahanyetsiba sala mahalaopeng.
8. Modimo, mohla o neng o haolahara lehwatata,o eteletse tjhaba sa hao pele,
9. lefatshe la na la reketla,mahodimo a nesa pulamahlong a Modimo,Modimo wa Sinai,Modimo wa Iseraele.
10. Modimo, wa nesa pula,pula ya ditlwebelele;wa e nesetsa bao e leng lefa la hao,wa ba matlafatsaha ba ne ba kgathetse,
11. mohlape wa haowa fumana bodulo teng,boo ka mohau wa haoo bo lokisitseng,wa bo lokisetsa bahlophehi.
12. Morena a ntsha taelo,letshwele la basadila tlisa molaetsa o reng:
13. “Dikgosi le mabotho a tsonadi balehile, di balehetse ruri!”Basadi ba setseng haeba arola tse hapilweng.
14. Ha lona le ne le paqame,le paqame marakong a masaka,bona ba ne ba ka maebanaa apesitswe ka silefera,ao masiba a wona a phatsimang,a phatsimang sa kgauta e tshehla,
15. ha Ya Matla wohlea ne a qhalanya dikgosi,lehlwa la kgethehathabeng ya Salemone.
16. Thaba ya Bashaneke thaba e telele,thaba ya Bashaneke thaba e makgeka.
17. Lona dithaba tse makgeka,keng ha le honohela thaba,thaba eo Modimoa kgahlilweng ke yona,ho e etsa leaho la hae,moo Morena a tla aha teng,a ahe teng ka ho sa feleng?
18. Kariki tsa Modimo tsa ntwake kete tsa dikete,ka tsona Morenao tlile Sehalalelong,o tlile Sehalalelong sa haea etswa Sinai.
19. O nyolohetse hodimoa nkile bathopuwa,a nyehellwa ka batho,esita le ka bahanyetsi.Morena Modimo a ba le leaho.
20. Ho bokwe Morenaka matsatsi wohle,yena ya re pepang,yena Modimo, mopholosi wa rona.
21. Modimo wa ronake Modimo ya pholosang;Morena ke Morena wa rona,Morena ya re phemisang lefu.
22. Modimo o tla pshatla dihlooho,a pshatle hlooho tsa dira tsa hae,mahata a dihlotho a ba kgopo.
23. Morena o itse:“Ke tla ba lata Bashane,ke ba late le botebong ba lewatle,
24. leoto la haole tla hata mading a bona,dintja tsa haodi itjelle nama tsa dira.”
25. Bohle ba bonamekoloko ya hao, Modimo,mekoloko ya Modimo wa ka,kgosi ya ka,mekoloko e kenang Sehalalelong.
26. Kapele ke dibini,kamorao ke baletsi,hare ke thwetsanae tidinyang meropa.
27. Bokang Modimo diphuthehong,bokang Morenadibokeng tsa Iseraele.
28. Benjamine, kgorula,o ba eteletse pele,o latetswe ke hlopha sa mahosana,mahosana a Juda,le mahosana a Sebulone,le mahosana a Nafthali.
29. Oho, Modimo, bontsha matla a hao,ao o re sebeleditseng ka wona.
30. Ka baka la Tempele ya hao,Tempele e Jerusalema,dikgosi di tla o nyehella ka dimpho.
31. Kgalema sebatana se moferong,batho ba kang mohlape wa dipoho,le manamane a wona,ba ke ba ineele, ba o tlisetse silefera;qhalanya ditjhaba tse ratang ntwa.
32. Mahosana a tla tswa Egepeta,Kushe e phahamise matsoho,e a phahamisetse ho Modimo.
33. Binelang Modimo,lona mebuso ya lefatshe,le roke Morena.
34. Ke yena ya kaletseng mahodimo,mahodimo a kgalekgale;o utlwahatsa lentswe la hae,lentswe la hae le matla.
35. Thoholetsang matla a Modimo;ke yena ya renang hodima Iseraele,matla a hae a marung.
36. Modimo o a tshabehaSehalalelong sa hae.Ke Modimo wa Iseraele,ya matlafatsangsetjhaba sa hae haholo.Ho bokwe Modimo!