1. Pesalema. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka diletsa tsa dikgwele. Sefela.
2. Modimo ako re hauhele,o re hlohonolofatse,o re bontshe sefahleho,fahleho se kganyang kgotso.
3. Ditsela tsa haodi ke di tsejwe lefatsheng,ditjhaba tsohle di tsebehore o a pholosa.
4. Ditjhaba di ke di o boke,wena Modimo,ditjhaba tsohle di o boke.
5. Merabe e ke e thabe, e etse ditlatse,hobane o ahlola ditjhaba ka toka;ke wena motsamaisiwa merabe lefatsheng.
6. Ditjhaba di ke di o boke,wena Modimo,ditjhaba tsohle di o boke.
7. Lefatshe le bile le tjhai e kgolo,Modimo, Modimo wa rona,o re hlohonolofaditse!
8. Modimo o re hlohonolofaditse,a tshajwe ke bohle lefatsheng,ho isa dipheletsong tsa lona.