1. Pesalema ya Davida.Morena, ke ipiletsa ho wena,ako mpotlakele;sekehela lentswe la ka tsebe,ha ke ipiletsa ho wena.
2. Thapelo ya kae nyolohele ho wena,e nyolohe jwaloka mokubetso,ke phahamise matsoho a kae le nyehelo ya mantsiboya.
3. Morena, ako bee molebedi,o mmee molomong wa ka,o dise monyako wa molomo wa ka;
4. pelo ya ka e se ke ya sekama,ya sekamela dinthong tse mpe.Ke se ke ka etsamesebetsi ya bokgopomokgatlong wa batho ba sa lokang;ke se ke ka latswa menate ya bona.
5. Ho molemoha ke otlwa ke ya lokileng,ke kgalemelwa ke yena;hoo ke ole eo hlooho ya kae ke keng ya e hana,ke tla nne ke rapeleleha ba kgopo ba ntshwenya.
6. Mohla baahlodi ba bonaba dihelwang dilomong,ke hona batho ba tla tsebahore mantswe a ka e ne e le a nnete.
7. Jwalokaha ho kgathwa,ho tabolwa thite,masapo a bonaa tla qhalanngwa jwalo,a qhalanngwekgorong ya Nqalo ya Bafu.
8. Morena, monga ka,mahlo a ka a tadimile ho wena,ke tshabela ho wena,se ntlohelle hore ke timele.
9. Nqobise sefiseo ba ntjhehileng ka sona,le mamenaa ba etsang tse sa lokang.
10. Bohle ba kgopoba ke ba wele marabeng a bona,ha nna ke phonyoha.