Baheberu

  1. 1
  2. 2
  3. 3
  4. 4
  5. 5
  6. 6
  7. 7
  8. 8
  9. 9
  10. 10
  11. 11
  12. 12
  13. 13

BIBELE

Baheberu 6 BIBELE (SSO89SO)

1. Jwale a re tloheleng thuto eo ho qalwang ka yona ya Kreste, re fetele pele ho tse phethehileng, tsa batho ba baholo. Re se ke ra boela ra kgutlela motheong: E leng ho furalla mesebetsi e isang timelong, ho dumela ho Modimo,

2. ho rutwa tsa dikolobetso, peo ya matsoho, tsoho ya bafu le kahlolo e sa feleng.

3. Ha Modimo a re dumella, re tla etsa jwalo.

4. Ba kileng ba bontshwa lesedi, ba latswa neo ya lehodimo, ba abelwa Moya o Halalelang,

5. ba latswa lentswe le monate la Modimo, le matla a lefatshe le tlang ho tla,

6. ho ke ke ha etsahala hore bao, ha ba ka kweneha, ba boele ba ntjhafatswe ka pako. Ke ba boetseng ba thakgisa Mora wa Modimo ka bobona, mme ba mo etsa sekgobo.

7. Tshimo e montseng pula e atisang ho e nela, e medisetsang ba e lemang tse molemo, e hlohonolofatswa ke Modimo.

8. Empa e medisang meutlwa le tshehlo ha e na thuso, e se e atametse thohako, mme e tla qetella e tjhesitswe.

9. Baratuwa, leha re bua jwalo, re kgodisehile hore lona le boemong bo botle ba ho pholoswa.

10. Modimo ha a hloke toka hoo a ka lebalang mosebetsi wa lona, le lerato leo le le bontshitseng ho yena ka ho sebeletsa badumedi, bao le sa ntseng le ba sebeletsa le jwale.

11. Re lakatsa ha e mong le e mong wa lona a ka bontsha mafolofolo wona ao, a etsang hore tshepo ya lona e phethehe ho fihlela qetellong.

12. Le se ke la tepella, le mpe le etsise bao, bao ka tumelo le mamello, ba jang lefa la tseo ba di tshepisitsweng.

Tshepiso e tiileng ya Modimo

13. Modimo, kaha ho se e mong e moholo ho mo feta hore a hlapanye ka yena, o ile a ikana ka boyena mohla a etsetsang Aborahama tshepiso,

14. a re: “Ruri ke tla o hlohonolofatsa haholo, le ditloholo tsa hao ke di ngatafatse.”

15. Aborahama o ile a tiisetsa, mme ka hona a fumana seo a se tshepisitsweng.

16. Etswe batho ba hlapanya ka e moholo ho ba feta, mme dikgang tsohle tsa bona di fediswa ka ho ikana.

17. Ke moo Modimo a tiisitseng ka kano, kaha a ne a rata ho bontsha kahohlehohle majalefa a ditshepiso hore morero wa hae ha o fetohe.

18. E bile hore ka ketso tseo tse pedi, tse ke keng tsa fetoha, tseo ka tsona Modimo a ke keng a thetsa, rona ba tshabetseng ho yena re kgothale ka matla, ho itshwarella tshepong eo re e neilweng.

19. Tshepo eo re na le yona jwaloka sengaparela sa moya, se tiileng e le kannete. Tshepo eo e kenella kahare ho lesira,

20. moo Jesu, moetellipele wa rona, a keneng teng e le Moprista e Moholo ka ho sa feleng jwaloka Meleki-Sedeke.