Baheberu

  1. 1
  2. 2
  3. 3
  4. 4
  5. 5
  6. 6
  7. 7
  8. 8
  9. 9
  10. 10
  11. 11
  12. 12
  13. 13

BIBELE

Baheberu 1 BIBELE (SSO89SO)

Lentswe la Modimo le tla ka Mora wa hae

1. Mehleng ya kgale Modimo o ile a bua le bo-ntata rona ka baporofeta, ka makgetlokgetlo, ka mekgwa e mengata,

2. empa jwale matsatsing ana a qetello o buile le rona ka Mora wa hae, eo a entseng tsohle ka yena, mme a mo etsa mojalefa wa tsona.

3. Mora o kganya ka tlotla ya Modimo, ke setshwantsho sa boleng ba Modimo, mme tsohle o di boloka ka lentswe la hae le matla. Hoba a re hlwekise dibe, a ya dula ka letsohong le letona la Ya Hodimodimo, mahodimong.

4. O entswe e moholo ho feta mangeloi, jwalokaha lebitso leo Modimo a mo neileng lona le feta a mangeloi.

Mora o moholo ho feta mangeloi

5. Ke lefe la mangeloi leo Modimo a kileng a re ho lona:“O Mora wa ka,kajeno ke o tswetse?”“Kapa a re:“Ke tla ba Ntatae,le yena e be Mora wa ka?”

6. Hape mohla a romelang Mora wa hae wa letsibolo lefatsheng, a na a re:“Mangeloi wohle a Modimoa mo kgumamele.”

7. Ha e le ka mangeloi ho itswe:“O etsa mangeloi a hae meya,le basebeletsi ba haemalakabe a mollo.”

8. Empa ka Mora ho itswe:“Terone ya hao Modimo,ke ya kamehla le mehla,lere la hao la puso,ke lere la toka.

9. O rata ho loka,o hloile bokgopo;kahoo Modimo,Modimo wa hao,o o tlotsitse ka ole ya thabo,ho ena le balekane bohle ba hao.”

10. Hape ho itswe:“Wena Morena,tshimolohong o ne o hlole lefatshe,mahodimo ke mosebetsiwa diatla tsa hao.

11. Tsohle di tla timela,empa wena o tla sala;tsohle di tla tsofala jwaloka seaparo.

12. O tla di phuthaphuthajwaloka kobo,mme di tla fetohajwaloka seaparo.Empa wena haesale e le wena,dilemo tsa haodi ke ke tsa fela.”

13. Ke lefe la mangeloi leo Modimo a kileng a re ho lona:“Dula ka letsohong la ka le letona,ho fihlela ke bea dira tsa haokatlasa maoto a hao?”

14. Kahoo mangeloi ke eng, haese meya e sebeletsang, le bahlanka ba rongwang ke Modimo ho thusa ba tla ja lefa la pholoho?