Baheberu

  1. 1
  2. 2
  3. 3
  4. 4
  5. 5
  6. 6
  7. 7
  8. 8
  9. 9
  10. 10
  11. 11
  12. 12
  13. 13

BIBELE

Baheberu 13 BIBELE (SSO89SO)

Tshebeletso e kgahlisang Modimo

1. Le nne le ratane jwalokaha bana ba motho ba ratana.

2. Se lebaleng ho amohela baeti, hobane, ka ho etsa jwalo, ba bang ba amohetse mangeloi ba sa lemohe.

3. Hopolang ba ditlamong, jwaloka hoja le le ditlamong le bona; esita le ba hlekefetswang, hobane le lona le sa phela lefatsheng.

4. Bohle ba hlomphe lenyalo, mme dikano tsa lona di bolokwe ka botshepehi. Modimo o tla ahlola dihlola le difebe.

5. Bophelo ba lona bo se ke ba buswa ke ho rata tjhelete. Le kgotsofalle seo le nang le sona, hobane Modimo ka boyena o itse:“Ha nka ke ka o lahla,kapa ka o furalla.”

6. Ke ka baka leo re leng sebete ho re:“Morena ke mothusi wa ka,nke ke ka tshaba letho.Motho a ka nketsang?”

7. Hopolang batsamaisi ba lona ba le boleletseng lentswe la Modimo. Tadimang tsela eo ba phetseng ka yona, eo ba shweleng ka yona, mme le ba etsise tumelong ya bona.

8. Le kajeno Jesu Kreste e ntse e le yena wa maobane, mme e tla nne e be yena kamehla yohle.

9. Se kgelosweng ke dithuto disele, tsa mefutafuta. Ke ntho e ntle ha pelo ya motho e matlafatswa ka mohau wa Modimo, e seng ka melao e amanang le dijo, e se nang molemo ho ba e latelang.

10. Re na le aletare, eo basebeletsi ba Tente ba se nang tokelo ya ho jela ho yona.

11. Moprista e Moholo o tlisa madi a diphoofolo Sehalalelong e le nyehelo ka baka la sebe, empa ditopo tsa tsona di tjhesetswa kantle ho diahelo.

12. Ke ka lebaka lena Jesu a ileng a hlokofaletswa kantle ho kgoro ya motse, e le hore a tle a halaletse setjhaba ka madi a hae.

13. Kahoo a re mo kgahlanyetseng kantle ho diahelo, re ntse re jere sekgobo sa hae.

14. Mona lefatsheng ha re na motse wa kamehla, empa re ipatlela motse o tlang ho tla.

15. Ka baka leo, ka Jesu, a re se phetseng ho nyehella Modimo ka sehlabelo sa thoriso e tswang melomong e rokang lebitso la hae.

16. Se lebaleng ho ba mosa le ho thusana, hobane ana ke wona mahlabelo a kgahlisang Modimo.

17. Mamelang batsamaisi ba lona, le ipee tlasa bona. Ba a le hlokomela, kaha ba tla ikarabella ka lona. Etsang hore ba phethe hoo ka thabo, e seng ka maswabi, hobane ha ba etsa ka maswabi, hoo ho ke ke ha le tswela molemo wa letho.

18. Re rapelleng. Re kgodisehile hore matswalo a rona a kgutsitse, hobane re rata ho ba le metsamao e metle dinthong tsohle.

19. Haholoholo ke ipiletsa ho lona hore le etse jwalo, e le hore Modimo a tle a nkgutlisetse ho lona kapele.

Tlhohonolofatso le ditumediso tsa ho qetela

20. Modimo ya re fang kgotso, ya tsositseng Morena wa rona Jesu bafung, yena Jesu ya ileng a etswa modisa e moholo wa dinku ka madi a selekane se sa feleng,

21. a ke a le fe tsohle tse molemo, tseo le di hlokang ho phetha thato ya hae. Tse mo kgahlisang a ke a di bope ka dipelong tsa rona, ka Jesu Kreste, ya lokelwang ke tlotla kamehla le mehla. A ho be jwalo!

22. Bana beso, ke ipiletsa ho lona hore le mamelle mantswe ana a kgothatso, leha ke le ngoletse hakgutshwanyane.

23. Tsebang hore ngwanabo rona Timothea o lokolotswe. Haeba a ka fihla ka nako, re tla tla le yena ho le hlwela.

24. Dumedisang batsamaisi bohle ba lona le badumedi bohle. Ba Italia ba a le dumedisa.

25. Mohau o ke o be le lona bohle.