Sefela Sa Salomone

  1. 1
  2. 2
  3. 3
  4. 4
  5. 5
  6. 6
  7. 7
  8. 8

BIBELE e Halalelang

Sefela Sa Salomone 8 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Hola o ho nna jwaleka kgaitsedi ya me, ya antseng letswele la mme, nka be ke ya o kgahlanyetsa kantle, ka o aka, ke sa nyatsuwe.

2. Nka be ke o nka, ka o isa tlung ya mme, mme o ka be o nthuta, mme nka be ke o fa o enwa veine e tswakilweng, metsi a dikharanata tsa me.

3. Le tsoho la hae le letshehadi le be katlasa hlooho ya me, mme a nkope ka le letona!

4. Lona baradi ba Jerusalema, ke a le antsha hore le se ke la tsosa, le se ke la phaphamisa thatohatsi ya ka, a eso ho ithatele. —

5. Elwa ke mang ya nyolohang feelleng, ya ikokotlelang ka moratuwa wa hae?Ke o phaphamisitse katlasa sefate sa apole, moo mmao a o tswetseng, moo ya o belehileng a o hlahiseditseng leseding.

6. O mpee jwaloka tiiso pelong ya hao, jwaloka tiiso seatleng sa hao! Hobane lerato le matla jwaloka lefu, poulelo e thata jwaloka nqalo ya bafu; malakabe a lona ke malakabe a mollo, ke kgabo ya Jehova.

7. Metsi a mangata a ke ke a tima lerato, leha e le dinoka di ke ke tsa le qwedisa. Leha e mong a ka ntsha letlotlo la ntlo ya hae kaofela bakeng sa ho ithekela lerato leo, a ka nyatsuwa. —

8. Re na le kgaitsedi e monyenyane ya esong ho be le matswele; re tla etsang ka kgaitsedi ya rona, mohla a hopolwang?

9. Ekare ha e ka ba lerako, re tla rwesa qhobosheane ya lona silefera; ekare ha e le monyako, re tla o kwala ka mamati a dikedare.

10. Nna, ke tla ba lerako, matswele a me a tla ba jwaloka ditora; ka baka leo, mahlong a hae ke tla ba jwaloka ya fumaneng kgotso.

11. Salomone o ruile serapa sa merara Baale-Hamone; o laeletse balemi merara; o itse, e mong le e mong a lefe ka dishekele tse sekete, bakeng sa ditholwana tsa yona.

12. Merara ya me a pela me. Dishekele tse sekete di ye ho wena, Salomone, mme makgolo a mabedi e be a ba lebelang ditholwana tsa yona.

13. Wena, moahi wa dirapa, thaka tsa ka di ela lentswe la hao hloko; o nkutlwise lona!

14. Moratuwa wa me, baleha, o lekise tshephe, leha e le namane ya kgama, dithabeng tsa menkwane!