Sefela Sa Salomone

  1. 1
  2. 2
  3. 3
  4. 4
  5. 5
  6. 6
  7. 7
  8. 8

BIBELE e Halalelang

Sefela Sa Salomone 2 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Ke rose ya Sarone, ke mohaladitwe wa diphula.

2. Kamoo mohaladitwe o leng kateng hara meutlwa, thatohatsi ya ka o jwalo hara barwetsana.

3. Kamoo sefate sa apole se leng kateng hara difate tsa moru, moratuwa wa me o jwalo hara bahlankana; thato ya me ke ho dula moriting wa hae, tholwana ya hae e monate mahalapeng a me.

4. O nkentse ka tlung e kwellang veine, folaga ya hae ho nna ke lerato.

5. Le ntiise ka maqebekwane a tholwana tsa morara, le ntlhasimolle ka diapole, hobane ke idibana ke lerato.

6. Tsoho la hae le letshehadi le be katlasa hlooho ya me, a nkope ka le letona!

7. Baradi ba Jerusalema, ke le antsha ka ditshephe le ka dikgama tsa naha, ke re, le se ke la phaphamisa leha e le ho tsosa thatohatsi ya ka, ha a eso ho ithatele. —

8. Ke lentswe la moratuwa wa me! Bona, o a tla, o haola ka ho tlola le ka ho tlolaka hodima dithaba le maralla.

9. Moratuwa wa me o lekisa tshephe, leha e le namane ya kgama; ke yane, o eme kamora lehora la heso, o tadima ka sefensetere, o nyarela ka dipaka tsa dithupa tse haheleditseng.

10. Moratuwa wa me o a bua, o re ho nna: Tsoha, thatohatsi ya ka e ntle, tloha mona, o tle!

11. Hobane bona, mariha a fetile, dipula di kgaoditse, di ile;

12. dipalesa di se di hlaha fatshe; ke nako ya melodi ya dinonyana, lentswe la leebakgorwana le se le utlwahala naheng ya rona.

13. Sefate sa feiye se se se bonahatsa ditholwana tse tala tsa sona, merara e thuntseng e arubetsa ka monko o monate wa tsona. Raoha, thatohatsi e ntle ya ka, tloha mona, o tle!

14. Leebana la ka, le ikaheletseng mafarung a mafika le mahaheng a dilomo, o mpontshe sefahleho sa hao, o nkutlwise lentswe la hao; etswe lentswe la hao le le monate, mme sefahleho sa hao se le setle.

15. Le re tsomeleng diphokojwe le diphokojwana tsa tsona tse senyang masimo a merara, hobane merara ya rona e thuntse.

16. Moratuwa wa me ke wa me, mme nna ke wa hae; o fudisa mohlape wa hae hara mehaladitwe.

17. Ha ho ntse ho lebeletswe ho phola ha letsatsi le paleho ya meriti, kgutla! Wena, moratuwa wa me, o nne o lekise tshephe ka lebelo, leha e le namane ya kgama ka ho haola ka dithaba tse re arohantseng!