Sefela Sa Salomone

  1. 1
  2. 2
  3. 3
  4. 4
  5. 5
  6. 6
  7. 7
  8. 8

BIBELE e Halalelang

Sefela Sa Salomone 3 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Bosiu ha ke le ditaong tsa me, ke batlile ya ratwang ke moya wa me; ka mmatla, empa ka mo hloka.

2. Ka re: Jwale, ke tla tsoha, ke ye ho mmatla kahohle motseng, diterateng le mapatlelong ke batle ya ratwang ke moya wa me. Ka mmatla, mme ha ke a ka ka mo fumana!

3. Ka kgahlana le dibohodi tse potapotang motseng, ka re: Na ha le a ka la bona ya ratwang ke moya wa me na?

4. Ke sa tswa ba feta, hang ka fumana ya ratwang ke moya wa me. Ka mo tshwara, mme ha ke a ka ka mo lesa, ke eso ho mo ise ka tlung ya mme, ka kamoreng ya ya nkemotseng.

5. Baradi ba Jerusalema, ke le antsha ka ditshephe le ka dikgama tsa naha, ke re, le se ke la phaphamisa leha e le ho tsosa thatohatsi ya ka, ha a eso ho ithatele! —

6. Ke mang elwa ya nyolohang feelleng jwaloka ditopallo tsa mosi, ya arubeditsweng ka mirra le dibano le mearubetso yohle ya bahwebi?

7. Bonang, ditao tseo ke tsa Salomone: di felehetswa ke bahale ba mashome a tsheletseng, ba kgethilweng hara dikwankwetla tsa Iseraele.

8. Ke ba tshwereng sabole kaofela, ke dinatla ntweng; e mong le e mong o na le sabole ya hae lethekeng la hae, ka baka la matsoso a bosiu.

9. Morena Salomone o iketseditse ditao ka difate tsa Lebanone.

10. A etsa ditshiya tsa tsona ka silefera, le mokokotlo wa tsona ka kgauta; sedulo e le sa purepera, mme se adilwe kahare ka masela a homilweng ka lerato ke baradi ba Jerusalema.

11. Tswang, lona baradi ba Sione, le bone, mme le bohe morena Salomone ka moqhaka oo mmae a neng a mo rwese wona mohla lenyalo la hae, ka letsatsi la thabo ya pelo ya hae.