2 Dikronike

  1. 1
  2. 2
  3. 3
  4. 4
  5. 5
  6. 6
  7. 7
  8. 8
  9. 9
  10. 10
  11. 11
  12. 12
  13. 13
  14. 14
  15. 15
  16. 16
  17. 17
  18. 18
  19. 19
  20. 20
  21. 21
  22. 22
  23. 23
  24. 24
  25. 25
  26. 26
  27. 27
  28. 28
  29. 29
  30. 30
  31. 31
  32. 32
  33. 33
  34. 34
  35. 35
  36. 36

BIBELE e Halalelang

2 Dikronike 8 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

Metse e hahilweng ke Salomone. — O romela dikepe Ofire.

1. Kamora dilemo tse mashome a mabedi, tseo ka tsona Salomone a neng a ahile ntlo ya Jehova le ntlo ya hae,

2. Salomone a haha le metse eo Morena Hurame a e neileng Salomone, mme a bea bana ba Iseraele ho yona.

3. Salomone a ntoo futuhela Hamathe pela Tsoba, a o hlola.

4. A haha le Thadmore feelleng, le metse yohle ya mediko e Hamathe,

5. A haha Bethe-Horone ya kahodimo le Bethe-Horone ya katlase, e le metse ya diqhobosheane, e nang le marako le mamati le mekwallo;

6. a haha le Baalathe, le metse yohle ya mediko ya Salomone, le metse yohle ya makoloi, le metse ya bakalli, le tsohle tseo Salomone a ratileng ho di haha Jerusalema, le Lebanone, le naheng yohle ya mmuso wa hae.

7. Haele bohle ba neng ba setse ba Bahethe, le Baamore, le Baferese, le Baheve, le Bajebuse, bao e neng e se Baiseraele;

8. e leng ditloholo tsa bona tse neng di setse naheng, e leng bao bana ba Iseraele ba neng ba sitilwe ho ba timelletsa ruri, Salomone a kgetha hara bona ba sebetsang ka mokgwa wa bahlanka; le kajeno ke bona.

9. Salomone a mpa a se ke a etsa le a mong wa bana ba Iseraele mofo ho sebetsa mosebetsi wa hae; bona ya eba bahlabani, le balaodi ba bahlabani ba hae, le balaodi ba makoloi a hae le bakalli ba hae.

10. Haele dihlooho tsa bahlahlobi ba Salomone, e ne e le banna ba makgolo a mabedi a mashome a mahlano ba beilweng babusi ba setjhaba.

11. Yaba Salomone o lata moradi wa Faro motseng wa Davida, a mo tlisa tlung eo a mo hahetseng yona, a re: Mosadi wa ka a ke ke a dula tlung ya Davida, morena wa Iseraele, hobane dinqalo tseo areka ya Jehova e keneng ho tsona, di halalehile.

12. Salomone a ntoo hlabela Jehova ditjheso aletareng ya Jehova e hahilweng pela mathule;

13. ka tsatsi le leng le le leng a nna a hlabela ho yona tse laetsweng ke Moshe, tsa Disabatha, le tsa kgwedi tse thwasang, le tsa mekete e beilweng, hararo ka selemo, e leng mokete wa Mahobe a se nang ditomoso, le mokete wa Diveke, le mokete wa Metlotlwane.

14. A bea dihlopha tsa baprista ka ho sebetsa ha bona, kamoo ho neng ho laetse ntatae Davida kateng; a bea le Balevikabelong tsa bona tsa ho rorisa Modimo le ho etsa tsa tshebetso pontsheng ya baprista, ka tsatsi le leng le le leng; a bea le balebedi ba menyako, ka dihlopha tsa bona, monyakong o mong le o mong; hobane ho ne ho laetse jwalo Davida, monna wa Modimo.

15. Ha ho a ka ha eba taba, kapa bakeng sa matlotlo, eo ho kileng ha kgelohuwa ho yona taelo eo morena a neng a e laetse baprista le Balevi.

16. Mosebetsi wohle wa Salomone wa phetheha jwalo, ho qala mohla ho thewang ntlo ya Jehova, ho fihlela e ba e phetheha. Ntlo ya Jehova ya phetheha kahohle.

17. Yaba Salomone o ya Etsione-Gebere le Elothe, lebopong la Lewatle le Lefubedu, naheng ya Edomo.

18. Hurame a mo romela dikepe ka bahlanka ba hae, le bahlanka ba tsebang lewatle; ba ya Ofire ba ena le bahlanka ba Salomone, teng ba lata kgauta e ditalenta tse makgolo a mane a mashome a mahlano, ba di tlisetsa morena Salomone.