2 Dikronike

  1. 1
  2. 2
  3. 3
  4. 4
  5. 5
  6. 6
  7. 7
  8. 8
  9. 9
  10. 10
  11. 11
  12. 12
  13. 13
  14. 14
  15. 15
  16. 16
  17. 17
  18. 18
  19. 19
  20. 20
  21. 21
  22. 22
  23. 23
  24. 24
  25. 25
  26. 26
  27. 27
  28. 28
  29. 29
  30. 30
  31. 31
  32. 32
  33. 33
  34. 34
  35. 35
  36. 36

BIBELE e Halalelang

2 Dikronike 27 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

Jothame, morena wa Juda.

1. Jothame o ne a le dilemo tse mashome a mabedi a metso e mehlano ha a qala ho busa, a busa ka dilemo tse leshome le metso e tsheletseng Jerusalema; bitso la mmae e ne e le Jerusha, moradi wa Tsadoke.

2. A etsa ho lokileng mahlong a Jehova, kahohle kamoo ho neng ho entse Osiase ntatae kateng; empa ha a ka a kena tempeleng ya Jehova; haele setjhaba, sona se ne se ntse se itshenya.

3. Ke yena ya hahileng monyako o kahodimo wa ntlo ya Jehova, hape a haha haholo marakong a leralleng.

4. A haha le metse dithabeng tsa Juda, mme merung a haha diqhobosheane le ditora.

5. A lwana le morena wa bana ba Ammone, a ba hlola. Ka selemo seo, bana ba Ammone ba mo ntshetsa lekgolo la ditalenta tsa silefera, le dikore tse dikete tse leshome tsa koro, le tse dikete tse leshome tsa harese; bana ba Ammone ba boela ba mo ntshetsa hakalo ka selemo sa bobedi le ka sa boraro.

6. Jothame a ba matla, kahobane a ne a tiisitse metsamao ya hae pela Jehova, Modimo wa hae.

7. Haele ditaba tse ding tsa Jothame, le dintwa tsohle tsa hae, le diketso tsohle tsa hae, bonang, di ngodilwe bukeng ya marena a Iseraele le a Juda.

8. O ne a le dilemo tse mashome a mabedi a metso e mehlano, ha a qala ho busa, mme a busa ka dilemo tse leshome le metso e tsheletseng Jerusalema.

9. Yaba Jothame o orohela ho bontatae, a patwa motseng wa Davida; mme Akase, mora hae, ya eba morena tulong tsa hae.