2 Dikronike

  1. 1
  2. 2
  3. 3
  4. 4
  5. 5
  6. 6
  7. 7
  8. 8
  9. 9
  10. 10
  11. 11
  12. 12
  13. 13
  14. 14
  15. 15
  16. 16
  17. 17
  18. 18
  19. 19
  20. 20
  21. 21
  22. 22
  23. 23
  24. 24
  25. 25
  26. 26
  27. 27
  28. 28
  29. 29
  30. 30
  31. 31
  32. 32
  33. 33
  34. 34
  35. 35
  36. 36

BIBELE e Halalelang

2 Dikronike 2 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

Salomone o lokisa tsa ho haha tempele.

1. Yaba Salomone o laela hore ho hahelwe lebitso la Jehova ntlo, le hore yena a hahelwe ntlo ya borena.

2. Salomone a bala banna ba dikete tse mashome a supileng e be ba jarang dintho, le ba dikete tse mashome a robileng meno e le mmedi, e be ba betlang majwe dithabeng, le ba dikete tse tharo tse nang le makgolo a tsheletseng, e be balebedi ba bona.

3. Hape, Salomone a romela ho Hurame, morena wa Tire, a re: Nketsetse kamoo o etseditseng ntate Davida kateng, eo o kileng wa mo romela dikedare tsa ho ikgahela ntlo ya ho dula ho yona.

4. Bona, ke rerile ho hahela lebitso la Jehova, Modimo wa ka, ntlo, ke tle ke mo kgethele yona, ke mo tjhesetse dibano tse nkgang hamonate ho yona, le ho mmeela kamehla mahobe a pontsha le ditjheso tsa hosasa le tsa mantsiboya, le tsa Disabatha, le tsa dikgwedi tse thwasang, le tsa mekete ya Jehova, Modimo wa rona, kamoo e leng tshwanelo ya Iseraele kateng, ka ho sa feleng.

5. Ntlo eo ke tla e haha, e tla ba kgolo, etswe Modimo wa rona o moholo ho medimo yohle.

6. Empa ke mang ya ka tsebang ho mo hahela ntlo, ha esita le mahodimo, le mahodimo a mahodimo a sitwa ho mo kopa! Mme nna ke mang, ha ke tla mo hahela ntlo, haese hore ke mo tjhesetse dibano feela?

7. Ha ho le jwalo, nthomele monna ya masene a ho sebetsa kgauta, le silefera, le koporo, le tshepe, le sekarelata, le vermilione, le purepera, ya tsebang le ho betla mebetlo yohle, a tle a tlatsane le banna ba masene bao ke nang le bona Juda le Jerusalema, ba seng ba ne ba kgethwe ke ntate Davida.

8. Nthomele dikedare tsa Lebanone, le dikiprese, le dialmuge; hobane ke a tseba hoba bahlanka ba hao ba hlalefetse ho rema difate Lebanone.

9. Bona, bahlanka ba ka ba tla tlatsana le bahlanka ba hao, ba tle ba ntokisetse difate tse ngata; hobane ntlo eo ke yang ho e haha e tla ba e kgolo, e makatsang.

10. Bona, bahlanka ba hao ba remang difate, ke tla ba nea dikore tse dikete tse mashome a mabedi tsa koro, le dikore tse dikete tse mashome a mabedi tsa harese, le dibathe tse dikete tse mashome a mabedi tsa veine, le dibathe tse dikete tse mashome a mabedi tsa ole.

11. Yaba Hurame, morena wa Tire, o araba ka lengolo leo a le romelang ho Salomone, a re: Kahobane Jehova a ratile setjhaba sa hae, Jehova o o beile morena hodima sona.

12. Hurame a eketsa, a re: Ho bokwe Jehova, Modimo wa Iseraele, ya entseng mahodimo le lefatshe, hobane o neile morena Davida mora ya bohlale, ya kelello, ya kutlwisiso, ya ratang ho hahela Jehova ntlo, le ho ikgahela ntlo ya borena.

13. Jwale, ke o romela monna ya masene, ya kelello, Hurame-Abi;

14. ke mora mosadi wa baradi ba Dane, ntatae e mpa e ne e le motho wa Tire. O tseba ho sebetsa kgauta, le silefera, le koporo, le tshepe, le majwe, le difate, le sekarelata, le purepera, le lene e ntle, le vermilione; le ho betla ka mekgwa yohle, le ho qapa ditshwantsho tse mefutafuta kamoo ho ka batlwang ho yena kateng. O tla tlatsana le banna ba hao ba masene le banna ba masene ba ntatao Davida, monga ka.

15. Jwale, monga ka a ke a romele bahlanka ba hae koro, le harese, le ole, le veine tseo a di boletseng;

16. rona, re tla rema difate tsa Lebanone, kahohle kamoo o ka di batlang kateng, re o isetse tsona ka lewatle, di kopantswe hammoho, re di fihlise Jafo; wena o tla di lata teng, o be o di nyolosetse Jerusalema.

17. Yaba Salomone o bala banna bohle ba baditjhaba ba lefatsheng la Iseraele, kamoo ba neng ba se ba badilwe ke ntatae Davida kateng, a fihlela ho le banna ba dikete tse lekgolo le nang le mashome a mahlano a metso e meraro tse tswang ka makgolo a tsheletseng.

18. A kgetha ba dikete tse mashome a supileng hara bona e be ba jarang diphahlo, ba dikete tse mashome a robileng meno e le mmedi e be ba betlang majwe thabeng, ba dikete tse tharo tse nang le makgolo a tsheletseng e be balebedi ba sebedisang setjhaba seo.